YouVersion Logo
Search Icon

SAKARIA 1

1
Ho bakwe.
1Ka kgwedi ya boroba meno e le mmedi ya selemo sa bobedi sa ho busa ha Dariuse, lentswe la Jehova la tlela moporofeta Sakaria, mora Berekia, mora Iddo, la re: 2Jehova o ne a halefele bontata lona ka kgalefo e kgolo. 3Ere ho bona: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Kgutlelang ho nna, ho bolela Jehova wa makgotla, mme ke tla kgutlela ho lona, ho bolela Jehova wa makgotla. 4Le se ke la ba jwaloka bontata lona, bao baporofeta ba pele ba neng ba howa, ba re ho bona: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Kgutlang hle metsamaong ya lona e mebe, le diketsong tsa lona tse mpe! ... empa ha ba ka ba mamela, ha ba ka ba hlokomela lentswe la ka, ho bolela Jehova. 5Bontata lona ba kae? ... Leha e le baporofeta, na ke ba phelang kamehla? 6Leha ho le jwalo, mantswe a ka le dikahlolo tsa ka tseo ke neng ke di laetse bahlanka ba ka, baporofeta, na ha di a ka tsa fihlela bontata lona? Ba ba ba kgutla, ba re: Kamoo Jehova wa makgotla a neng a hopotse ho re etsa kateng, e leng ka metsamao ya rona le ka diketso tsa rona, o fela a re entse jwalo.
Dipono.
7Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya leshome le motso o mong, e leng kgwedi ya Shebate, ka selemo sa bobedi sa ho busa ha Dariuse, lentswe la Jehova la tlela moporofeta Sakaria, mora Berekia, mora Iddo, ka tsena, la re: 8Ke bone pono bosiu; ka bona monna ya palameng pere e kgunong; o ne a eme hara difate tsa mirte tse hara kgohlo, kamora hae ho le ba palameng dipere tse kgunong le tse phatshwa le tse tshweu. 9Ka re: Bana ke bafe, morena? Yaba lengeloi le buang le nna le re ho nna: Ke tla o bontsha na ke bafe. 10Monna, ya emeng hara difate tsa mirte, a bua, a re: Ke bao Jehova a ba romileng ho ya le lefatshe. 11Mme bao ba arabela lengeloi la Jehova le emeng hara difate tsa mirte, ba re: Re ile le lefatshe, mme bona, lefatshe lohle le dutse ka kgotso, le phomotse. 12Yaba lengeloi la Jehova le ahlamisa molomo wa lona, la re: Jehova wa makgotla, o tla lesela ho le hokae ho hauhela Jerusalema le metse ya Juda eo o e halefetseng ka dilemo tsena tse mashome a supileng na? 13Jehova a arabela lengeloi le buang le nna ka mantswe a molemo, ka mantswe a matshediso.
14Mme lengeloi le buang le nna la mpolella, la re: Phahamisa lentswe, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke boulela Jerusalema le Sione ka poulelo e kgolo; 15ke bile ke halefetse ka kgalefo e kgolo ditjhaba tse iketlileng; hobane ke ne ke halefetse setjhaba sa ka hakgutshwanyane, empa tsona tsa tlatsa ho se etsa hampe. 16Ka baka leo, ho bolela Jehova, ke boela ho Jerusalema ka mohau, ntlo ya ka e tla hahuwa teng, ho bolela Jehova wa makgotla, kgwele ya ho lekanya e otlollwe hodima Jerusalema. 17O boele o phahamise lentswe, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Metse ya ka e sa tla tlala menono, e be e kgaphatsehe; Jehova o sa tla tshedisa Sione, o sa tla ikgethela Jerusalema.
18Jwale, ka emisa mahlo a ka, mme ka bona manaka a mane. 19Yaba ke re ho lengeloi le buang le nna: Ana ke ang? La re ho nna: Ana ke manaka a qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema.
20Mme Jehova a mpontsha malala a mane. 21Yaba ke re: Bana ba tlile ho etsang? Mme a bua, a re: Ao ke manaka a qhalantseng Juda, ho seng ho bile ho se motho ya emisang hlooho ya hae, mme bana ba tlile ho a tshosa, ba akgele fatshe manaka a ditjhaba tse emiseditseng lefatshe la Juda lenaka ho le qhalanya.

Currently Selected:

SAKARIA 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy