YouVersion Logo
Search Icon

SAKARIA 2

2
1Ka boela ka emisa mahlo a ka, mme ka bona monna ya tshwereng kgwele ya ho lekanya letsohong la hae. 2Yaba ke re: O ya kae! A re ho nna: Ke ya lekanya Jerusalema, ke tle ke bone na bophara ba wona le bolelele ba wona bo bokae? 3Mme bonang, lengeloi le buang le nna la tswa, mme lengeloi le leng la tla ho le kgahlanyetsa; 4la re ho lona: matha, o bolelle mohlankana enwa, o re: Jerusalema o tla ahuwa jwaloka naha e phatlaletseng ka baka la bongata ba batho le ba diphoofolo tse ho wona; 5haele nna, ho bolela Jehova, ke tla ba ho wona lerako la mollo le o teetseng hare, ke be kganya ya wona hara wona.
6Jo! jo! balehang, lona ba leng naheng ya Leboya, ho bolela Jehova, hobane ke le qhalanyeditse meyeng e mene ya lehodimo, ho bolela Jehova. 7Jo! Sione, o phonyohe, wena ya ahileng ha moradi wa Babilona! 8Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ka ho re ho bonahatswe kganya ya hae a nthomileng ho ditjhaba tse le hapileng; hobane ya le amang o ama thaka ya leihlo la hae; 9hobane ke ya tsokotsa letsoho la ka hodima tsona, di tla hapjwa ke ba neng ba di sebeletsa, mme le tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile. 10Duduetsa ka thabo, o nyakalle, wena moradi wa Sione, hobane ke se ke ya tla, ke dule kahare ho wena, ho bolela Jehova. 11Ditjhaba tse ngata di tla kgomarela Jehova ka tsatsi leo, mme e tla ba setjhaba sa ka; ke tla dula kahare ho wena, o tle o tsebe hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho wena. 12Jehova o tla rua Juda, e be kabelo ya hae naheng e kgethehileng; o sa tla ikgethela Jerusalema. 13Lona dibopuwa tsohle, tholang pela Jehova! hobane o tsohile bodulong ba hae bo kgethehileng.

Currently Selected:

SAKARIA 2: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy