YouVersion Logo
Search Icon

JONASE 1

1
Pitso ya Jonase. — Paleho le kotlo ya hae.
1Lentswe la Jehova le ne le tlele Jonase, mora Amitthai, la re: 2Tloha, o ye Ninive, motseng o moholo, o o hlabele mokgosi, etswe bokgopo ba wona bo nyolohetse ho nna.
3Empa Jonase a tloha ho balehela Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova. A theohela Joppo, mme teng a fihlela sekepe se yang Tarshishe; yaba o ntsha tefo ya leeto, a kena ka sekepeng hore a tle a ye le batho ba sona Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova.
4Empa Jehova a tsosa moya o moholo lewatleng, mme ha tsoha sefefo se seholo lewatleng, sekepe sa ba sa batla se robeha. 5Yaba ba sekepe ba tshoha, ba rapela e mong le e mong modimo wa hae; ba ba ba lahlela lewatleng mesebetsi e ka sekepeng, ho fokotsa boima ba sona. Haele Jonase, o ne a theohetse kahare ho sekepe, a sekame fatshe, a robetse haholo. 6Jwale, monga sekepe a mo atamela, a re ho yena: O robaletseng? Tsoha, o rapele Modimo wa hao! Ekaba Modimo o tla re hopola, re se ke ra timela. 7Yaba ba botsana, ba re: Tloong, re laoleng ka lotho, re tle re tsebe na tsietsi eo e re hlahetse ka baka la mang? Ba laola ka lotho, mme lotho ya ntsha Jonase.
8Yaba ba re ho yena: Re bolelle hle hore tsietsi ena e re hlahela ka baka la mang? Mosebetsi wa hao ke ofe, o tswa kae, ha eno ke kae, o wa setjhaba sefe na? 9A re ho bona: Ke Moheberu, mme ke tshaba Jehova, Modimo wa mahodimo, ya entseng lewatle le lefatshe. 10Yaba banna bao ba tshoha haholo, ba re ho yena: O etseditseng jwalo? Hobane banna bao ba ne ba tseba hore o balehile pela Jehova, etswe a ne a ba boleletse. 11Ba re ho yena: Re tla o etsa jwang, hore lewatle le tle le re kgutsetse? Hobane lewatle le ne le ntse le eketsa ho halefa. 12A re ho bona: Nkukeng, le ntahlele lewatleng, mme lewatle le tla le kgutsetsa; hobane ke a tseba hore ke ka baka la ka sefefo sena se seholo se le hlahetseng.
13Leha ho le jwalo, banna bao ba soka ka matla ho kgutlisetsa sekepe lebopong, ba mpa ba sitwa, hobane lewatle le ne le ntse le eketsa ho ba halefela. 14Yaba ba howeletsa ho Jehova, ba re: Oho Jehova, oho, o se ke wa re timetsa ka baka la bophelo ba monna enwa, o se ke wa re jarisa madi a se nang molato, hobane wena Jehova, o entse kamoo o ithatetseng kateng. 15Yaba ba nka Jonase, ba mo lahlela lewatleng, mme lewatle la lesa ho halefa. 16Mme banna bao ba tshaba Jehova haholo; ba hlabela Jehova mahlabelo, ba mo etsetsa le dikano.
Jonase ha a le mpeng ya hlapi. — Thapelo le tokoloho ya hae.
17Yaba Jehova o romela hlapi e kgolo ho metsa Jonase, Jonase a ba a dula mpeng ya hlapi matsatsi a mararo le masiu a mararo.

Currently Selected:

JONASE 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy