YouVersion Logo
Search Icon

JONASE 2

2
1Yaba Jonase o rapela Jehova, Modimo wa hae, a le ka mpeng ya hlapi, 2a re: Ha ke ne ke le mahlomoleng, ka bitsa ho Jehova, mme a nkutlwa; ke le mpeng ya nqalo ya bafu, ka howeletsa, mme wa utlwa lentswe la ka. 3Hobane o ne o ntahletse bodibeng, bohareng ba lewatle, dikgohola tsohle di ne di mpotile kahohle, maqhubu wohle a hao le dikgaphatseho tsa hao di ne di nkapesitse. 4Ka ba ka re: Ke lahlilwe hole le wena; leha ho le jwalo, ke tla boela ke bone tempele ya hao e kgethehileng. 5Metsi a ne a mpotile ho fihla le moyeng wa ka; bodiba bo ne ba mpotile kahohle, ditlama tsa lewatle di ithatetse hloohong ya ka. 6Ke ne ke theohetse tlase metheong ya dithaba, lefatshe le ne le nkwaletse ka mekwallo ya lona ho isa ho sa feleng. Ebile o nyolla bophelo ba ka sekoting, Jehova, Modimo wa ka. 7Ya na ya re ha moya wa ka o fela ka ho nna, ka hopola Jehova, mme thapelo ya ka ya fihla ho wena, tempeleng ya hao e kgethehileng. 8Ba sebeletsang masa wana a lefeela ba furallana le mohau o ka ba hauhelang; 9empa nna, ke tla o hlabela mahlabelo ka dipina tsa teboho, ke lefe seo ke se anneng. Poloko ke ya Jehova!
10Yaba Jehova o laela hlapi, ya hlatsetsa Jonase lebopong.

Currently Selected:

JONASE 2: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy