YouVersion Logo
Search Icon

HOSEA 1

1
Bohedene le bokgopo ba Iseraele; Kotlo le kgauhelo.
1Ke lona lentswe la Jehova le neng le tlele Hosea, mora Beeri, mehleng ya Osiase, le Jothame, le Akase, le Esekiase, marena a Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele.
2Mohla Jehova a qalang ho bua le Hosea, a re ho yena: Eya, o inkele mosadi wa mofebi le bana ba bofebe, hobane lefatshe le feba ka ho tlohela Jehova.
3Yaba o ya, a nka Gomere, moradi wa Diblaime; mme eo a emola, a mo tswalla moshanyana. 4Jehova a re ho Hosea: O mo ree lebitso la Jisreele, hobane ho se ho se hokae, ke tla otla ntlo ya Jehu, ka baka la madi a tsholotsweng Jisreele, ke be ke fedise mmuso wa ntlo ya Iseraele; 5mme mohlang oo, ke tla roba seqha sa Iseraele thoteng ya Jisreele.
6 Mosadi a boela a emola, a tswala ngwanana; Jehova a re ho Hosea: O mo ree lebitso la Lo-Ruhama (ya sa hauhelwang); hobane ha ke sa tla hauhela ntlo ya Iseraele ka ho e tshwarela. 7Haele ntlo ya Juda, ke tla e hauhela, ke e pholose ka Jehova, Modimo wa yona; empa hase ka seqha, le ka lerumo, le ka ntwa, le ka dipere le ka bakalli ke tlang ho e pholosa.
8Yaba Gomere o kgwesa Lo-Ruhama, mme a boela a emola, a tswala moshanyana. Yaba Jehova o re ho Hosea: O mo ree lebitso la Lo-Ammi (seo e seng setjhaba sa ka); 9hobane lona, ha le setjhaba sa ka, le nna ha ke sa le wa lona.
10Athe palo ya bara ba Iseraele e tla ba jwaloka lehlabathe la lewatle le se nang ho lekanngwa, leha e le ho balwa, mme moo ho itsweng ho bona: Ha le setjhaba sa ka, teng ba tla bitswa: Bara ba Modimo o utlwang. 11Bara ba Juda le bara ba Iseraele ba tla bokellwa hammoho, ba ipeele hlooho e le nngwe, ba kgutle lefatsheng la kgoleho; hobane le leholo tsatsi la Jisreele.

Currently Selected:

HOSEA 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy