YouVersion Logo
Search Icon

DANIELE 12

12
1Mehleng eo, Mikaele, kgosana eo e kgolo, e emelang bara ba setjhaba sa heno, o tla hlaha, mme matsatsi a matswalo a tla ba teng, ao a jwalo a esong ho be teng esale ditjhaba di hlaha, ho tla fihla nakong eo; empa mehleng yona eo, setjhaba sa heno se tla bolokeha, e leng bohle ba ngodilweng bukeng. 2Ba bangata ho ba robetseng leroleng la lefatshe ba tla tsoha, ba bang ba tsohele bophelo bo sa feleng, ba bang ba tsohele dihlong le sekgobo se sa feleng. 3Empa ba hlalefileng ba tla kganya jwaloka kganya ya lehodimo, ba kgannetseng ba bangata ho lokeng ba kganye jwaloka dinaledi kamehla le mehla, ka ho sa yeng kae.
4Wena Daniele, o kwahele taba tseo, o manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ya bofelo; ba bangata ba tla e bala, mme tsebo e tla eketseha.
5Yaba nna Daniele, ke a tadima, mme bonang, ba bang ba babedi ba ne ba eme, e mong mose o kwano wa noka, e mong mose wane wa noka. 6E mong a re ho motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka: Ke neng bofelo ba taba tseo tse makatsang bo tla hlaha? 7Ka utlwa motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka, ha a emisetsa letsoho le letona le letsoho le letshehadi lehodimong, a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, a re: Ho setse nako e le nngwe, le dinako, ho isa mahareng a nako e nngwe; etlare ha qhalanyo ya setjhaba e fela, hoo hohle ho tla etsahala. 8Ka utlwa, ke mpa ke sa utlwisise, mme ka re: Morena ka, taba tseo di ya fella kae? 9A re ho nna: Eya, Daniele, hobane ditaba tseo di tla sala di kwahetswe, di tiisitswe ho isa nakong ya bofelo. 10Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba sweufale, ba lekwe; ba babe ba ya nne ba etse hampe, mme ha ho moetsadibe ya tlang ho utlwisisa, empa ba hlalefileng ba tla utlwisisa. 11Leha ho le jwalo, ho qala ka nako ya ho fediswa ha sehlabelo sa kamehla, le sa peo ya manyala a bofediso, ho tla feta matsatsi a sekete se le seng se nang le makgolo a mabedi a mashome a robileng mono o le mong. 12Ho lehlohonolo ya lebelang, mme a finyella matsatsing a sekete se le seng se nang le makgolo a mararo a mashome a mararo a metso e mehlano. 13Empa wena, o ikele bofelong ba hao, hobane o tla phomola, mme o tla tsohela lefa la hao qetellong ya matsatsi.

Currently Selected:

DANIELE 12: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy