YouVersion Logo
Search Icon

SEFELA SA SALOMONE 2

2
1Ke rose ya Sarone, ke mohaladitwe wa diphula.
2Kamoo mohaladitwe o leng kateng hara meutlwa, thatohatsi ya ka o jwalo hara barwetsana.
3Kamoo sefate sa apole se leng kateng hara difate tsa moru, moratuwa wa me o jwalo hara bahlankana; thato ya me ke ho dula moriting wa hae, tholwana ya hae e monate mahalapeng a me. 4O nkentse ka tlung e kwellang veine, folaga ya hae ho nna ke lerato. 5Le ntiise ka maqebekwane a tholwana tsa morara, le ntlhasimolle ka diapole, hobane ke idibana ke lerato. 6Tsoho la hae le letshehadi le be katlasa hlooho ya me, a nkope ka le letona!
7Baradi ba Jerusalema, ke le antsha ka ditshephe le ka dikgama tsa naha, ke re, le se ke la phaphamisa leha e le ho tsosa thatohatsi ya ka, ha a eso ho ithatele. —
8Ke lentswe la moratuwa wa me! Bona, o a tla, o haola ka ho tlola le ka ho tlolaka hodima dithaba le maralla. 9Moratuwa wa me o lekisa tshephe, leha e le namane ya kgama; ke yane, o eme kamora lehora la heso, o tadima ka sefensetere, o nyarela ka dipaka tsa dithupa tse haheleditseng. 10Moratuwa wa me o a bua, o re ho nna: Tsoha, thatohatsi ya ka e ntle, tloha mona, o tle! 11Hobane bona, mariha a fetile, dipula di kgaoditse, di ile; 12dipalesa di se di hlaha fatshe; ke nako ya melodi ya dinonyana, lentswe la leebakgorwana le se le utlwahala naheng ya rona. 13Sefate sa feiye se se se bonahatsa ditholwana tse tala tsa sona, merara e thuntseng e arubetsa ka monko o monate wa tsona. Raoha, thatohatsi e ntle ya ka, tloha mona, o tle! 14Leebana la ka, le ikaheletseng mafarung a mafika le mahaheng a dilomo, o mpontshe sefahleho sa hao, o nkutlwise lentswe la hao; etswe lentswe la hao le le monate, mme sefahleho sa hao se le setle. 15Le re tsomeleng diphokojwe le diphokojwana tsa tsona tse senyang masimo a merara, hobane merara ya rona e thuntse. 16Moratuwa wa me ke wa me, mme nna ke wa hae; o fudisa mohlape wa hae hara mehaladitwe. 17Ha ho ntse ho lebeletswe ho phola ha letsatsi le paleho ya meriti, kgutla! Wena, moratuwa wa me, o nne o lekise tshephe ka lebelo, leha e le namane ya kgama ka ho haola ka dithaba tse re arohantseng!

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy