YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEME 67

67
Ditjhaba di rorise Modimo.
Ho monga baphokodi. Ka tse tidinngwang. Pesaleme. Sefela.
1Modimo a o ke o re hauhele, o re hlohonolofatse; o ke o re kgantshetse sefahleho sa wona, (Sela.) 2hore tsela ya hao e tsejwe lefatsheng, le poloko ya hao ditjhabeng tsohle.
3Modimo, ditjhaba a di ke di o rorise, merabe yohle e ke e o rorise. 4Ditjhaba di ke di nyakalle, di bine difela tsa thabo; hobane o tla ahlola ditjhaba ka ho loka, o tsamaise ditjhaba lefatsheng. (Sela.)
5Modimo, ditjhaba a di ke di o rorise, merabe yohle e ke e o rorise! 6Lefatshe le medisitse dijo tsa lona. Modimo, Modimo wa rona, o tla re hlohonolofatsa! 7Modimo o tla re hlohonolofatsa, o tshajwe ke dipheletso tsohle tsa lefatshe!

Currently Selected:

DIPESALEME 67: SSO61-SO

Highlight

Copy

Compare

Share

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in