YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEME 53

53
Ho nyatsuwa banyefodi.
Ho monga baphokodi. Sefela sa Davida, se tle se binwe ka phala.
1Lewatla le itse pelong ya lona: Modimo ha o yo! Ba bodile, ba manyala bokgopong ba bona; ha ho ya etsang hantle. 2Modimo o tadimile bana ba batho o le lehodimong, o tle o bone hoba na o teng ya nang le kutlwisiso, ya batlang Modimo. 3Bohle ba kgelohile, ba itshentse hammoho, ha ho ya etsang hantle, leha a le mong.
4Na bakgopo bao kaofela ba hloka tsebo keng? Ba ja setjhaba sa ka, jwaloka ha ho jewa bohobe. Ha ba rapele Modimo. 5Ba tla nne ba tshwarwe ke tshoho e mpe, moo lebaka la ho tshoha le leng siyo. Ka baka leo, Modimo o tla qhalanya masapo a ba o tsohelang matla; ba tla tsielehiswa, hobane Modimo o ba lahlile.
6Hola poloko e ka tlela Iseraele, e etswa Sione! Mohla Modimo o kgutlisang setjhaba sa wona se holehilweng, Jakobo o tla thaba, Iseraele a nyakalle.

Currently Selected:

DIPESALEME 53: SSO61-SO

Highlight

Copy

Compare

Share

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in