YouVersion Logo
Search Icon

NUMERE 36

36
Barwetsana bao e leng majalefa ba se ke ba nyalwa ke ba meloko e meng.
1Dihlooho tsa ntlo ya bara ba Gileade, mora Makire, mora Manasse, hara matlo a bara ba Josefa, tsa atamela, mme tsa bua pela Moshe le pela marena ao e leng dihlooho tsa matlo a bana ba Iseraele. 2Tsa re: Jehova o laetse monghadi wa ka ho arolela bana ba Iseraele naha ka lotho, e be lefa la bona. Hape, monghadi wa ka o laetswe ke Jehova ho nea lefa la ngwanabo rona, Tselofkade, ho baradi ba hae. 3Ha ba nyalwa ke e mong wa bara ba leloko le leng la bana ba Iseraele, lefa la bona le tla kgaolwa lefeng la bontata rona, mme le tla ekeletswa lefeng la leloko leo ba nyetsweng ho lona; ka mokgwa o jwalo lefa leo re le ruileng ka lotho le tla qephiswa. 4Etlare ha Jubile e hlahela bana ba Iseraele, lefa la bona le tla ekeletswa ho la leloko leo ba nyetsweng ho lona, mme jwale lefa la bona le tla kgaolwa lefeng le leloko la bontata rona.
5Moshe a bolella bana ba Iseraele, ka taelo ya Jehova, a re: Leloko la bara ba Josefa le nepile. 6Jwale, ke sena seo Jehova a se laelang bakeng sa baradi ba Tselofkade: Ba tla nyalwa ke bao ba ithatetseng bona; empa ba tla nyalwa tlung e nngwe ya leloko la bontata bona. 7Hobane ha ho lefa leha le le leng hara mafa a bana ba Iseraele, le tla tswa lelokong le leng le tle le fetele ho le leng, empa bana ba Iseraele ba tla kgomarela e mong le e mong lefa la leloko la bontatae. 8Morwetsana e mong le e mong ya ruileng lefa melokong ya bana ba Iseraele, o tla nyalwa ke monna wa ntlo e nngwe ya leloko la ntatae, hore bana ba Iseraele ba rue e mong le e mong lefa la bontatae. 9Ha ho lefa le tla tswa lelokong le leng le tle le fetele lelokong le leng, empa leloko le leng le le leng ho meloko yohle ya bana ba Iseraele le tla kgomarela lefa la lona.
10Baradi ba Tselofkade ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe kateng. 11BoMakla, Thirtsa, Hogla, Milka le Nowa, e leng baradi ba Tselofkade, ba nyalwa ke bara ba borangwana bona; 12ba nyalwa ke ba matlo a bara ba Manasse, mora Josefa; mme lefa la bona la sala lelokong la ntlo ya ntata bona.
13Ke tsona ditaelo le melao eo Jehova a e laetseng bana ba Iseraele ka Moshe, mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko.

Currently Selected:

NUMERE 36: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy