YouVersion Logo
Search Icon

NUMERE 34

34
Meedi ya lefatshe la Kanana. — Molao wa ho le arola dikoto.
1Jehova a bua le Moshe, a re: Laela bana ba Iseraele, o re ho bona: 2Etlare hobane le kene naheng ya Kanana, naha eo e tla ba lefa la lona, ke eo: naha ya Kanana ka meedi ena ya yona:
3Ka nqa borwa, moedi e tla ba lefeella la Tsine, ho fihlela Edomo; moedi wa lona, ka nqa borwa, o tla tloha pheletsong ya Lewatle la Letswai ka nqa botjhabela; 4o tla pota moepa wa Akrabbime, ka nqa borwa; o fete ka Tsine, mme o fihle Kadeshe-Barnea, ka nqa borwa; o tla ya ka Hatsar-Addare, mme o tla feta Atsmone, 5ho tloha Atsmone, o tla pota ho isa molapong wa Egepeta, mme o kene Lewatleng.
6Moedi wa lona ka nqa bophirimela, e tla ba Lewatle le Leholo; ke wona moedi wa lona ka nqa bophirimela.
7Moedi wa lona, ka nqa leboya, e tla ba ona: O tla tloha Lewatleng le Leholo, mme le tla o fihlisa thabeng ya Hore; 8ho tloha thabeng ya Hore le tla o fetisa ka Hamathe, o kene Tsedade, 9o fete ka Sifrone, mme o felle Hatsar-Enane. Moedi wa lona e tla ba wona ka nqa leboya.
10Le tla itshehela moedi wa lona ka nqa botjhabela, ka ho tloha Hatsar-Enane ho isa Shefame; 11ho tloha Shefame, moedi o tla theohela Ribla, ka nqa botjhabela ho Aine; mme o tla theoha, o sike le Lewatle la Kinnerethe, ka nqa botjhabela, 12mme o tla theosa Jordane ho ya kena Lewatleng la Letswai. Naha ya lona e tla ba jwalo, ka meedi ya yona e e teelang hare.
13Moshe a nea bana ba Iseraele taelo eo, a re: Ke yona naha eo le tla arolelana yona ka lotho, eo Jehova a laetseng hore e newe meloko e robileng mono o le mong le halofo ya moloko. 14Hobane leloko la bara ba Rubene ka matlo a bontata bona, le leloko la bara ba Gade ka matlo a bontata bona, le ba halofo ya leloko la Manasse, ba se ba nkile lefa la bona. 15Meloko e mmedi eo le halofo ya leloko, ba se ba nkile lefa la yona ka mose o kwano wa Jordane, mabapa le Jeriko, ka nqa botjhabatsatsi.
16Jehova a bua le Moshe, a re: 17Mabitso a banna ba tlang ho le arolela naha ke ana: Moprista Eleasare, le Joshua, mora Nune. 18Hape, le tla nka morena ka leloko le leng le le leng hore le arolelwe naha.
19Ke ana mabitso a banna bao: Bakeng sa leloko la Juda, Kalebe, mora Jefunne; 20bakeng sa leloko la bara ba Simeone, Samuele, mora Ammihude; 21bakeng sa leloko la Benjamine, Elidade, mora Kislone; 22bakeng sa leloko la bara ba Dane, morena Buki, mora Jogli; 23bakeng sa bara ba Josefa, lelokong la bara ba Manasse, morena Hanniele, mora Efode; 24bakeng sa leloko la bara ba Efraime, morena Kemuele, mora Shiftane; 25bakeng sa leloko la bara ba Sabulone, morena Elitsafane, mora Parnake; 26bakeng sa leloko la bara ba Issaskare, morena Paltiele, mora Assane; 27bakeng sa leloko la bara ba Asere, morena Akihude, mora Shelomi; 28bakeng sa leloko la bara ba Nefthali, morena Pedahele, mora Ammihude.
29Ke bona bao Jehova a ba laetseng ho arolela bana ba Iseraele naha ya Kanana.

Currently Selected:

NUMERE 34: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy