YouVersion Logo
Search Icon

MAREKA 16

16
Tsoho ya Jesu. — Nyolohelo ya hae lehodimong.
1Eitse ha Sabatha a fetile, Maria Magdalena, le Maria mma Jakobo, le Salome, ba reka dinoko, ba tle ba ye ho mo tlotsa. 2Ka meso ya letsatsi le qalang veke, ba ya lebitleng, letsatsi ha le sa tswa tjhaba. 3Ba ne ba botsana, ba re: Ke mang ya tla re phikolosetsa lejwe, ho le tlosa monyako wa lebitla? 4Empa ha ba tadima, ba bona hoba lejwe le se le phikolositswe; athe le ne le le leholo haholo. 5Ha ba kena lebitleng, ba bona mohlankana a dutse ka letsohong le letona, a apere seaparo se sesweu; mme ba tshoha. 6Eo a mpa a re ho bona: Le se ke la tshoha. Le batla Jesu wa Nasaretha ya thakgisitsweng; o tsohile, ha a yo mona. Bonang, moo ba neng ba mmeile teng ke mona. 7Le mpe le ye, le bolelle barutuwa ba hae le Petrose, hore o ya le etella pele ho ya Galelea; ke moo le tla mmona teng, jwalokaha a kile a le bolella.
8Yaba ba tswa, ba baleha lebitleng; hobane ba ne ba tshwerwe ke ho thothomela le ho hlollwa; mme ha ba ka ba bolella motho letho, ke hobane ba ne ba tshohile.
9[Jesu ha a tsohile kameso ya letsatsi le qalang veke, a itlhahisa pele ho Maria Magdalena, eo a neng a lelekile bademona ba supileng ho yena. 10Eo a ya, a bolella ba neng ba na le Jesu, ba le bofifing, ba lla. 11Bao, ha ba utlwa hore a boetse o a phela, le hore o bonwe ke yena, ha ba ka ba kgolwa.
12Kamora tseo, a itlhahisa ka sebopeho sesele ho ba babedi ba bona, ba neng ba tsamaya ba ya naheng. 13Le bona ba kgutla, ba phetela ba bang; empa le bona ha ba ka ba ba dumela.
14Ho feleng, a itlhahisa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong; a nyatsa ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba sa ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.
15A ba a re ho bona: Eyang ka lefatsheng lohle, le bolelle babopuwa bohle Evangeli. 16Ya dumelang, mme a kolobetswa, o tla bolokeha; empa ya sa dumeleng, o tla tsuwa. 17Mehlolo e tla tsamaya le ba dumetseng ke yona ena: ba tla leleka batemona ka lebitso la ka; ba tla bua dipuo tse ntjha; 18ba tla tshwara dinoha, mme leha ba nwele ntho e ka ba bolayang, ha e ka ke ya ba etsa letho; ba tla bea matsoho hodima ba kulang, mme ba tla fola.
19Eitse hobane Morena a bue le bona jwalo, a nkelwa lehodimong, mme a dula letsohong le letona la Modimo.
20Haele bona, ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo o le felehetsang.]

Currently Selected:

MAREKA 16: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy