YouVersion Logo
Search Icon

MATTHEU 28

28
Tsoho ya Jesu.
1Eitse qetellong ya Sabatha, ha letsatsi le qalang veke le tla tjhaba, Maria Magdalena le Maria e mong ba tla bona lebitla. 2Tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; hobane lengeloi la Morena la theoha lehodimong, la tla, la phikolosa lejwe le neng le le monyako, la ntoo dula hodima lona. 3Sefahleho sa lona se ne se le jwaloka lehadima, seaparo sa lona se le sesweu jwaloka lehlwa. 4Balebedi ba thothomela ke ho le tshoha, ba eba jwaloka bafu. 5Lengeloi la bua, la re ho basadi: Haele lona, le se ke la tshoha, hobane ke a tseba hoba le batla Jesu, ya kileng a thakgiswa. 6Ha a sa le mona, hobane o tsohile jwalokaha a ne a boletse. Tloong, le bone tao eo Morena a neng a beilwe ho yona. 7Le mpe le phakise le ye ho bolella barutuwa ba hae hore o tsohile bafung; bonang, o ya le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng. Utlwang, ke le boleletse.
8Ba phakisa ba tloha lebitleng ka tshabo le ka thabo e kgolo, ba matha, ba ya bolella barutuwa ba hae.
9Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, ba bona Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Yaba ba tla, ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela. 10Jwale, Jesu a re ho bona: Se tshoheng; eyang, le bolelle banabeso hore ba ye Galelea; ke moo ba tla mpona teng.
11Hobane ba tlohe, ba bang ho balebedi ba tla hae motseng, ho behela baprista ba baholo tsohle tse hlahileng. 12Baprista eitse hobane ba phuthehe le baholo, ba etsa morero, mme ba nea bahlabani ditjhelete tse ngata; 13ba re: Ereng: Barutuwa ba hae ba tlile bosiu, ba mo utswitse re robetse. 14Mme leha mmusisi a utlwa taba eo, ke rona re tla mo kgodisa, re le sireletse. 15Yaba balebedi ba nka ditjhelete, ba etsa kamoo ba laetsweng kateng; mme taba eo e tumile hara Bajuda ho fihlela kajeno.
16Barutuwa ba leshome le motso o mong ba ya Galelea, thabeng eo ba e laetsweng ke Jesu. 17Ha ba mmona, ba mo kgumamela; empa ba bang ba belaela. 18Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng. 19Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang; 20mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.

Currently Selected:

MATTHEU 28: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy