YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 5

5
Tshwaso e kgolo ya dihlapi; — pitso ya barutuwa ba pele.
1Ka tsatsi le leng, bongata bo ne bo mo hatella ho utlwa lentswe la Modimo; o ne a eme lebopong la letsha la Genesarethe. 2A bona dikepana tse pedi tse emeng haufi le lebopo, batshwasi ba tswile ho tsona, ba hlatswa matlowa a bona. 3A kena ho se seng, e leng sa Simone, mme a mo rapela hore a se suthise hanyenyane lebopong. Yaba o dula sekepaneng, a ruta matshwele.
4Ha a qetile ho bua, a re ho Simone: Sesisetsa kwetseng, mme le akgele matlowa a lona, le tshwase. 5Empa Simone a araba, a re ho yena: Monghadi, re hlotse bosiu bohle re sebetsa, mme ha re a ka ra tshwasa letho; leha ho le jwalo, ka polelo ya hao ke tla akgela letlowa. 6Ha ba entse jwalo, ba tshwasa bongata bo boholo ba dihlapi, letlowa la ba la kgaoha. 7Ba hwehla balekane ba bona ba sekepaneng se seng hore ba tle ho ba thusa. Yaba ba tla, ba tlatsa dikepana tse pedi tseo, tsa batla di teba. 8Simone Petrose, eitse ha a bona hoo, a itihela maotong a Jesu, a re: Morena, tloha ho nna, hobane ke monna wa moetsadibe. 9A rialo kahobane tshwaso eo ya dihlapi e ne e mo makaditse, le bohle ba nang le yena. 10Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, Jakobo le Johanne, balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: Se tshabe; ho tloha jwale, o tla ba motshwasi wa batho. 11Mme ha ba buseditse dikepana lebopong, ba tlohela tsohle, ba mo latela.
Phodiso ya molepera.
12Eitse ha a le motseng o mong, monna ya tletseng lepera, ha a bona Jesu, a itihela fatshe ka sefahleho, a mo rapela, a re: Morena, ha u rata, o na le matla a ho nntlafatsa. 13A nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Mme lepera la hla la tloha hang ho yena. 14A mo laela, a re, a se ke a bolella motho, a re: O mpe o yo ipontsha ho moprista, mme o ananele ho ntlafala ha hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e tle e be bopaki ho bona.
15Botumo ba hae ba eketsa ho ata, mme matshwele a maholo a tla hammoho ho mo utlwa, le ho fodiswa malwetse a bona ke yena. 16Haele yena, o ne a dula mafeelleng, a ntse a rapela.
Phodiso ya motho ya omeletseng ditho.
17Ka tsatsi le leng, Jesu o ne a ruta; bafarisi le baruti ba molao, ba tswang metsaneng yohle ya Galelea, le Judea, le Jerusalema, ba ne ba dutse ho yena, mme matla a Morena a ne a bonahala ka ho fodisa. 18Yaba ho tla banna ba jereng ka diphate motho ya omeletseng ditho, ba leka ho mo kenya ka tlung, a tle a bewe pela Jesu. 19Yare ha ba sa bone hoba ba tla mo kenya le kae, ka baka la bongata, ba hlwella hodima ntlo, ba phunya marulelo, ba mo theolela kahare, pela Jesu, a robetse diphateng tsa hae. 20Jesu, ha a bona tumelo ya bona, a re ho yena: Motho, dibe tsa hao o di tshwaretswe. 21Bangodi le bafarisi ba qala ho bolela dipelong tsa bona, ba re: Enwa ke mang, ya bolelang dinyefolo? Ke mang ya nang le matla a ho tshwarela dibe, haese Modimo o nnotshi? 22Yare ha Jesu a lemoha mehopolo ya bona, a araba, a re ho bona: Le hopolelang jwalo ka dipelong tsa lona? 23Na haele ho re: O tshwaretswe dibe tsa hao, e le ho re: Ema, o tsamaye, ho bonolo ke hofe na? 24Jwale, — hore le tle le tsebe hobane Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe, — a re ho ya omeletseng ditho: Ke re ho wena: Ema, o nke diphate tsa hao, o ikele tlung ya hao. 25Eo a phakisa a ema pontsheng ho bona, a nka diphate tseo a neng a robetse ho tsona, a ikela tlung ya hae a ntse a rorisa Modimo. 26Ba hlollwa kaofela, ba rorisa Modimo, mme ba tlala tshabo, ba re: Re bone dimakatso kajeno.
Pitso ya Levi.
27Kamora tseo, a tswa moo, a bona molekgetho, ya bitswang Levi, a dutse pela ntlo ya lekgetho; a re ho yena: Ntatele! 28Yena a tlohela tsohle, a ema, a mo latela.
29Levi a mo etsetsa mokete o moholo tlung ya hae, mme ho ne ho le sehlopha se seholo sa balekgetho, le sa ba bang ba dutseng le bona dijong. 30Bangodi le bafarisi ba teng ba rorela barutuwa ba hae, ba re: Na le jelang le balekgetho le baetsadibe, le nwelang le bona? 31Jesu a araba, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka; empa e batlwa ke ba kulang. 32Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe.
Potso hodima ho itima dijo.
33Yaba ba re ho yena: Barutuwa ba Johanne ba itimelang dijo hangata, ba etsetsang merapelo, le ba bafarisi ba etsetsang jwalo le bona, kanthe ba hao ba ja, ba nwa? 34A re ho bona: Na le ka re, balekane ba monyadi ba itime dijo, ha monyadi a sa na le bona na? 35Empa matsatsi a tla tla, ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo matsatsing ao. 36Hape, a ba bolella setshwantsho, a re: Ha ho motho ya ka tabolang setsiba seaparong se setjha ho se rokella seaparong se tsofetseng; ha ho ka etswa jwalo, se setjha se ka hahola se tsofetseng; hape, setsiba se setjha se ke ke sa dumellana le ho tsofetseng. 37Ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale; ha ho ka etswa jwalo, veine e ntjha e ka phatlola makuka, ya tsholoha, mme makuka a senyeha. 38Empa veine e ntjha e tshelwa makukeng a matjha, mme a bolokana hammoho le yona. 39Hape, ha ho motho, ekareng ha a enwa veine ya kgale, ya ka phakisang a batla e ntjha; hobane o re: Ya kgale e fetisa ka monate.

Currently Selected:

LUKA 5: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy