YouVersion Logo
Search Icon

LEVITIKE 27

27
Dikano le dikabelo tsa boshome.
1Jehova a boela a bua le Moshe, a re: 2Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare ha e mong a itlama ka kano, ka ho bea batho, e tla ba ba Jehova ka tekanyetso ya hao. 3Ha o lekanyetsa e motona ya dilemo tse tlohang mashomeng a mabedi, ho isa mashomeng a tsheletseng, tekanyetso ya hao e tla ba dishekele tsa silefera tse mashome a mahlano, ka ho ya ka shekele ya sehalalelo; 4haele mosadi, o tla mo lekanyetsa ka dishekele tsa silefera tse mashome a mararo. 5Ba dilemo tse hlano, ho isa ho tse mashome a mabedi, o tla lekanyetsa e motona ka dishekele tse mashome a mabedi, ngwanana e be ka dishekele tse leshome; 6haele ba kgwedi e le nngwe, ho isa dilemong tse hlano, o tla lekanyetsa e motona ka dishekele tsa silefera tse hlano, ngwanana ka dishekele tsa silefera tse tharo; 7haele ba dilemo tse mashome a tsheletseng le tse fetisang, o tla lekanyetsa e motona ka dishekele tse leshome le metso e mahlano, mosadi e be ka dishekele tse leshome. 8Ekare ha ya entseng kano a sitwa ho lefa dishekele ka tekanyetso ya hao, o tla iswa ho moprista ya tlang ho bolela tekanyetso ya hae; moprista o tla lekanyetsa ka ho bapisa le seo motho eo a se ruileng.
9Ekare ha kano e le ka kgomo ya tse ntshetswang Jehova ka mokgwa wa sehlabelo, kgomo e newang Jehova e tla ba ntho e kgethehileng. 10E se ke ya ananngwa; ho se ke ha bewa e mpe sebakeng sa e ntle, leha e le e ntle sebakeng sa e mpe; ekare ha ho ananngwa kgomo e nngwe ka e nngwe, e tla ba tse kgethehileng tse pedi. 11Ekare haele phoofolo e sa hlwekang ya tse hlahisetsweng Jehova ka mokgwa wa sehlabelo, phoofolo eo e tla iswa ho moprista; 12moprista o tla e lekanyetsa ka botle, kapa ka bobe ba yona; ho tla uwa ka theko e lekantsweng ke wena, moprista. 13Ekare ha motho a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka bohlano hodima theko e lekantsweng ke wena.
14Ekare ha e le ntlo e kgethelwang Jehova, moprista o tla e lekanyetsa kamoo e leng kateng, ka botle, kapa ka bobe ba yona, mme ho tla uwa ka tekanyetso ya moprista. 15Ekare ha ya kgethetseng ntlo ya hae a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka bohlano ba tjhelete eo o e lekanyeditseng ka yona, mme ntlo e tla ba ya hae.
16Ekare ha e mong a kgethela Jehova lefapha la tshimo ya lefa la hae, o tla le lekanyetsa ka bokae ba peo ya lona, e be dishekele tsa silefera tse mashome a mahlano ka homere ya peo ya harese. 17Ekare ha a kgethela Jehova tshimo ya hae, ho tloha selemong sa Jubile, ho tla uwa ka tekanyetso ya hao; 18empa ha a mo kgethela tshimo ya hae kamora Jubile, moprista o tla lekanyetsa theko ka palo ya dilemo tse setseng ho isa ho Jubile, mme o tla fokotsa tjhelete ka tekanyetso ya hao. 19Ekare ha ya kgethetseng tshimo ya hae a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka bohlano ba tjhelete e lekanyeditsweng ke wena, mme tshimo e tla kgutlela ho yena; 20empa ha a sa rekolle tshimo ya hae, kapa e le tshimo eo a e rekisitseng ho e mong, ha e sa tla lopollwa; 21tshimo eo ha e lokollwa ka Jubile e tla kgethelwa Jehova jwaloka tshimo e seng e tetswe; e tla ruwa ke moprista, e be ya hae.
22Ekare ha e mong a kgethela Jehova tshimo eo a itheketseng yona, e se tshimo ya masimo a lefa la hae, 23moprista o tla mo lekanyetsa theko ya yona ka tekanyetso ya hao le ka palo ya dilemo tse setseng ho isa ho Jubile, mme motho eo o tla o ntshetsa tjhelete eo o e lekantseng ka lona letsatsi leo, kaha e le ntho e kgethetsweng Jehova. 24Ka selemo sa Jubile, tshimo e tla kgutlela ho eo a neng a itheketse yona ho yena, ho eo naha e leng ya hae.
25Ditekanyetso tsa hao kaofela di tla etswa ka dishekele tsa sehalalelo: gera tse mashome a mabedi di etsa shekele e le ngwe.
26Feela, ha ho motho ya ka kgethelang Jehova letsibolo la kgomo, etswe le se le kgethetswe Jehova ka ho tswalwa ha lona: letsibolo la kgomo, leha e le la nku, ke la Jehova. 27Empa haele phoofolo e sa hlwekang, e tla lopollwa ka theko eo o tlang ho e lekanyetsa ka yona, ka ho eketsa ka bohlano ba yona; ha e sa ka ya lopollwa, ho tla rekwa ka yona ka tekanyetso ya hao.
28Eng le eng eo motho a e kgethetseng Jehova ka anathema ho tseo a di ruileng, motho, kapa kgomo, kapa tshimo ya lefa la hae, e ke ke ya rekwa, leha e le ho rekollwa; eng le eng e kgethetsweng Jehova ka anathema ke ntho e halalelang. 29Motho ya kgethilweng ka anathema, ha ho kamoo a ka lopollwang kateng; o tla bolawa.
30Boshome bo bong le bo bong ba naha, ke hore boshome ba dikotulo tsa masimo, le ba ditholwana tsa difate, ke ba Jehova: bo kgethetswe Jehova. 31Ekare ha e mong a rata ho lopolla ntho e nngwe ya boshome ba hae, o tla eketsa ka bohlano ba yona. 32Boshome bo bong le bo bong ba dikgomo le ba tse kgutshwane, ba tsohle tse tsamayang tlasa lere la modisa, bo kgethetswe Jehova. 33Ho ke ke ha tadingwa botle ba kgomo, kapa bobe ba yona; di se ke tsa ananngwa; ekare ha e nngwe e ananngwa ka e nngwe, e tla ba ntho tse halalelang tse pedi, di ke ke tsa lopollwa.
34Ke yona melao eo Jehova a e neileng bana ba Iseraele ka Moshe, thabeng ya Sinai.

Currently Selected:

LEVITIKE 27: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy