YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 21

21
Jesu o hlaha ho barutuwa ba hae lewatleng la Tiberiase.
1Kamora tseo, Jesu a boela a ipontsha ho barutuwa ba hae pela lewatle la Tiberiase; a ipontsha ka mokgwa ona: 2Simone Petrose, le Thomase, ya bitswang Didima, le Nathanaele, wa Kana wa Galelea, le bara ba Sebedea, le barutuwa ba hae ba bang ba babedi ba ne ba le hammoho. 3Simone Petrose a re ho bona: Ke ya tshwasa dihlapi. Ba re ho yena: Le rona re ya le wena. Yaba ba ya, ba kena sekepaneng; empa ha ba ka ba tshwasa letho bosiung boo. 4Eitse kameso, Jesu a tshoha a ema lebopong; empa barutuwa ba ne ba sa tsebe hobane ke Jesu. 5Yaba Jesu o re ho bona: Bana, na ha le na se ka jewang na? Ba mo araba, ba re: Tjhe. 6Yaba o re ho bona: Akgelang letlowa pela lehlakore le letona la sekepana, mme le tla di bona. Yaba ba le akgela, mme ba sitwa ho le hula ka baka la bongata ba dihlapi. 7Morutuwa ya ratwang ke Jesu a re ho Petrose: Ke Morena. Yare ha Simone Petrose a utlwa hoba ke Morena, a apara kojwana ya hae, hobane o ne a hlobotse, mme a itihela lewatleng. 8Barutuwa ba bang ba tla le sekepana, ba ntse ba hula letlowa le dihlapi; hobane ba ne ba se hole le lefatshe, ditswe di ne di ka ba makgolo a mabedi.
9Eitse hobane ba fihle lebopong, ba bona mashala a hlenneng, dihlapi di beilwe hodima wona, le bohobe. 10Jesu a re ho bona: Tlisang dihlapi tse ding tsa tseo le sa tswa di tshwasa. 11Simone Petrose a kena sekepaneng, a hulela letlowa fatshe, le tletse dihlapi tse kgolo tse lekgolo le mashome a mahlano a metso e meraro; mme leha di ne di le kalo, letlowa ha le a ka la hahoha. 12Jesu a re ho bona: Tloong, le je. Mme ho ne ho se e mong ho barutuwa ba hae ya betang pelo ho mmotsa hore: O mang? Hobane ba ne ba tseba hobane ke Morena. 13Yaba Jesu o tla, a nka bohobe, a ba nea bona, le dihlapi jwalo.
14Leo e ne e se e le la boraro leo Jesu a ipontshitseng ho barutuwa ba hae, hobane a tsohe bafung.
15Yare hobane ba qete ho ya, Jesu a re ho Simone Petrose: Simone, mora Jona, a o nthata haholo ho fetisa bana na? A re ho yena: E, Morena, o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dikonyana tsa ka. 16A re ho yena la bobedi: Simone, mora Jona, a o a nthata na? A re ho yena: E, Morena, o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Disa dinku tsa ka. 17A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka. 18Kannetenete ke re ho wena: Enereha o sa le motjha, o ne o itlama o nnotshi, o itsamaela moo o ratang teng; empa etlare hobane o tsofale, o tla otlolla matsoho a hao, mme e mong o tla o tlama, a o ise moo o sa rateng teng. 19O ne a rialo a lekanya mofuta wa lefu leo Petrose a tla tlotlisa Modimo ka lona. Yare hobane Jesu a bolele tseo, a re ho yena: Ntatele!
20Petrose ha a reteleha, a bona morutuwa ya ratwang ke Jesu a latetse; ke yena ya neng a itshetlehile sefubeng sa hae mohla selallo, a re: Morena, ke mang ya tla o eka? 21Yare Petrose ha a mmona, a re ho Jesu: Morena, ho tla ba jwang ho eo? 22Jesu a re ho yena: Ekare ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? Wena, ntatele. 23Kahoo, polelo ena ya nna ya tsamaya hara baena e reng, morutuwa eo ha a ka ke a shwa. Empa Jesu o ne a sa ka a mmolella hore yena a ke ke a shwa; empa o ne a itse: Ekare ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena?
24Morutuwa eo ke yena ya pakang taba tseo, ya di ngodileng; mme re tseba hobane bopaki ba hae ke ba nnete.
25Taba tse ding di sa le teng tse ngata, tseo Jesu a di entseng. Hojane di ka ngolwa ka bonngwe, ke lekanya hore le lona lefatshe le be le ke ke la lekana dibuka tse ka ngolwang.

Currently Selected:

JOHANNE 21: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy