YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 2

2
Mohlolo wa pele wa Jesu.
1Ka letsatsi la boraro, bohadi ba eba teng Kana wa Galelea; mma Jesu o ne a le teng. 2Jesu le yena a biletswa bohading le barutuwa ba hae. 3Mme veine ya fela. Yaba mma Jesu o re ho yena: Ha ba na veine. 4Jesu a re ho yena: Mosadi, taba ya ka le wena ke efe? Nako ya ka ha e eso ho tle. 5Mmae a re ho bahlanka: Etsang kahohle kamoo a tla le bolella kateng. 6Dinkgo tsa majwe tse tsheletseng di ne di le teng, tseo Bajuda ba itlhatswang ho tsona; e nngwe le e nngwe e ne e tlatswa ke ditekanyo tse pedi, kapa tse tharo. 7Jesu a re ho bona: Tlatsang dinkgo tseo ka metsi. Ba di tshela, tsa ba tsa tlala. 8Yaba o re ho bona: Kgang jwale, le isetse monga mokete. Mme ba mo isetsa. 9Yare ha monga mokete a latswa metsi a fetohileng veine, a sa tsebe moo e tswang teng, ho tsejwa ke bahlanka feela ba kgileng metsi, monga mokete a bitsa monyadi, 10a re ho yena: Batho bohle ba ye ba bee veine e monate pele, mme ere hobane ho nowe haholo, ebe hona ho tliswang e botswa: wena veine e monate o e bolokile ho fihlela jwale. 11Mohlolo ona, oo Jesu a qadileng ka wona, o ne a o etse Kana wa Galelea; a bontsha kganya ya hae, mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.
12Kamora tseo, ba theohela Kapernauma, e le yena le mmae, le banababo, le barutuwa ba hae; mme ba hlola teng matsatsi a se makae.
Jesu o phahla barekisi tempeleng. — Tempele e tla tsoswa ka matsatsi a mararo.
13Paseka ya Bajuda e ne e le haufi; yaba Jesu o nyolohela Jerusalema. 14A fumana tempeleng batho ba bapatsang ka dikgomo le ka dinku le ka maeba, le ba ananyang ditjhelete ba dutse teng. 15Hobane a etse phafa ya maratswana, a ba phahla kaofela tempeleng, le dinku le dikgomo; mme ditjhelete tsa ba ananyang a di tsholla, a rapalatsa le ditafole. 16A ba a re ho ba bapatsang ka maeba: Tlosang dintho tsena mona, mme ntlo ya Ntate le se ke la e etsa ntlo ya ho rekela. 17Jwale barutuwa ba hae ba elellwa hobane ho ngodilwe, ho thwe: Tjheseho ya ntlo ya hao e ntjele.
18Yaba Bajuda ba bua, ba re ho yena: O ya re bontsha pontsho efe, haele moo o etsa tse jwalo? 19Jesu a araba, a re ho bona: Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo. 20Yaba Bajuda ba re: Tempele ena e hahilwe ka dilemo tse mashome a mane a metso e tsheletseng, mme wena o re, o tla e tsosa ka matsatsi a mararo na? 21Athe yena o ne a bolela tempele ya mmele wa hae. 22Eitse hobane a tsohe bafung, barutuwa ba hae ba elellwa hobane o ne a ba boleletse taba eo; mme ba dumela Lengolo, le taba e neng e boletswe ke Jesu.
23Yare a sa le Jerusalema, ka Paseka, mohla mokete, batho ba bangata ba dumela lebitso la hae, ha ba bona mehlolo eo a e etsang. 24Empa Jesu yena o ne a sa ba tshepe, kahobane a ne a ba tseba kaofela, 25le kahobane a ne a sa tshwanele a ka bolellwa tsa motho ke e mong; hobane o ne a itsebela se leng teng ka ho motho.

Currently Selected:

JOHANNE 2: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy