YouVersion Logo
Search Icon

JAKOBO 5

5
Barui ba ke ba iponele.
1Jwale, ke tla ho lona barui. Llang, le bokolle ka baka la ditlokotsi tse tla le wela hodimo. 2Menono ya lona e bodile, ditshwele di jele dikobo tsa lona. 3Kgauta le silefera ya lona di jelwe ke mafome, mme mafome a tsona e tla ba paki e le tswang, a tla ja dinama tsa lona jwaloka eka ke mollo. Le ipokelletse matlotlo, hara matsatsi a bofelo. 4Bonang, moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le o jeleng o ntse o howeletsa; mme dillo tsa bakotudi bao di fihlile ditsebeng tsa Morena wa makgotla. 5Le ipheletse lefatsheng ka menate, le bone menyaka, le nontshitse dipelo tsa lona letsatsing la hlabo. 6Le tswile, mme le bolaile ya lokileng, mme ha a ka a itwanela.
Tsa sebete, tsa dihlapanyo, tsa thapelo, tsa ba kgelohileng nnete.
7Empa haele lona, banabeso, le lebelle ka sebete, Morena a be a fihle. Bonang, molemi ha a ntse a lebeletse dijo tsa bohlokwa tsa lefatshe, o di lebella ka sebete, a be a fuwe pula ya tsheola le ya hwetla. 8Le lona, lebellang ka sebete, mme le tiise dipelo tsa lona; hobane ho tla ha Morena ho haufi.
9Banabeso, le se ke la beana melato, hore le se ke la ahlolwa. Bonang, moahlodi o eme pela monyako. 10Banabeso, nkang mohlala wa mahlomola le wa sebete ho baporofeta ba buileng ka lebitso la Morena. 11Bonang, re rorisa lehlohonolo la ba mameletseng; le utlwile mamello ya Jobo, mme le bone tsa qetello ya Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.
12Haholoholo, banabeso, se hlapanyeng, leha e le ka lehodimo, leha e le ka lefatshe, leha e le ka kano efe le efe; empa e ya lona e ke e be e, le tjhe ya lona e be tjhe, le tle le se ke la tshoha le wela kahlolong.
13E mong hara lona ha a le mahlomoleng, a rapele. E mong ha a thabile, a bine difela. 14E mong hara lona ha a baba, a bitse baholo ba kereke, mme ba mo rapelle, ba ntse ba mo tlotsa ka ole ka lebitso la Morena. 15Mme thapelo e entsweng ka tumelo e tla pholosa mobabi, mme Morena o tla mo tsosa diphateng; mme ekare ha a entse dibe, o tla tshwarelwa tsona. 16Bolellanang ditshito tsa lona, mme le rapellane, le tle le fole. Thapelo ya ya lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha yona. 17Elia e ne e le motho ya ikutlwang jwaloka rona; leha ho le jwalo, o kile a kopa ka merapelo hore ho se ke ha na pula, mme ka dilemo tse tharo tse nang le kgwedi tse tsheletseng pula ha e a ka ya na lefatsheng. 18A boela a rapela, mme lehodimo la nesa pula, lefatshe le lona la boela la medisa dijo tsa lona.
19Banabeso, ekare ha e mong ho lona a kgeloha nnete, mme e mong a mmusetsa ho yona, 20eo a ke a tsebe hobane ya kgutlisitseng moetsadibe kgelohong ya hae, o pholositse moya lefung, mme o apesitse dibe tse ngatangata.

Currently Selected:

JAKOBO 5: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy