YouVersion Logo
Search Icon

BAHEBERU 13

13
1Lerato la boena a le tiye.
2Le se ke la lebala ho amohela baeti; hobane ba bang, ka ho etsa jwalo, ba amohetse mangeloi ha bona, ba sa tsebe. 3Hopolang ba ditlamong, ho be jwaloka hoja le tlamilwe le bona; hopolang ba etswang hampe, etswe le sa le mmeleng le lona.
4Lenyalo a le ke le hlomphehe hara batho bohle, le diphate di hloke ditshila; hobane Modimo o tla ahlola baboki le bafebi.
5Ketso tsa lona di hloke takatso ya ho rua; le kgolwe ke tseo le nang le tsona; hobane Modimo ka sebele o itse: Nke ke ka o tlohela, nke ke ka o lahla. 6Ka baka leo, re ka re ka tshepo: Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshoha letho; motho a ka nketsang?
7Hopolang badisa ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo, mme le etsise tumelo ya bona, le ntse le lemoha qetello ya ho phela ha bona.
8Jesu Kreste e ne e le yena maobane, e sa le yena le kajeno, mme e tla nne e be yena ka ho sa feleng. 9Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tseo e leng dithuto disele; hobane ho hotle ha motho a tiisa pelo ya hae ka mohau, e seng ka dijo tse sa kang tsa thusa ba di tshepileng. 10Re na le aletare eo ba sebeletsang tabernakeleng ba se nang tokelo ya ho jela ho yona. 11Ditopo tsa dikgomo tseo madi a tsona a nkelwang sehalalelong ke moprista e moholo ka baka la dibe, di tjheswa kantle ho setsha sa ditente. 12Ka baka leo, Jesu le yena, a tle a halaletse setjhaba ka madi a hae, o kile a shwela kantle ho monyako wa motse. 13Ka baka leo, re ke re tsweleng ho yena kantle ho setsha sa ditente, re ntse re jere sekgobo sa hae. 14Hobane mona, ha re na motse o tiyang, empa re batla o tlang ho hlaha. 15Ka baka leo, a re hlahiseng kamehla ho Modimo ka yena sehlabelo sa poko, e leng tholwana ya melomo e bolelang lebitso la hae. 16Le se ke la lebala ho etsa batho hantle, le ho fana; hobane Modimo o kgahliswa ke mahlabelo a jwalo.
17Utlwang badisa ba lona, mme le ipee katlase ho bona, hobane bona ba fadimehela meya ya lona, etswe ba tla e botswa; ba utlweng, hore ba etse hona ka thabo, e seng ka hlomoho; hobane hoo ho ke ke ha le hlahisetsa molemo.
Ditumediso.
18Re rapelleng; re fela re kgolwa hoba re na le letswalo le letle, re ntse re rata ho etsa hantle nthong tsohle. 19Mme ke le kgothatsa haholoholo hore le ke le etse jwalo, ke tle ke busetswe ho lona kapele.
20Modimo wa kgotso, o kgutlisitseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng, 21o ke o le bopele mesebetsi yohle e metle, le tle le etse thato ya wona, mme le wona o etse ka ho lona se o kgahlisang ka Jesu Kreste, eo re reng: Kganya e be ho yena ka ho sa feleng! Amen!
22Ke a le rapela, banabeso, hore le ke le amohele polelo tseo tsa kgothatso; hobane ke le ngoletse hakgutswanyane.
23Tsebang hobane ngwanabo rona, Timothea, o lokolotswe; ekare ha a ka tla kapele, ke tla tla le yena ho le bona.
24Ntumedisetseng badisa bohle ba lona le bahalaledi bohle. Ba Italia ba le dumedisa.
25Mohau o be le lona bohle. Amen!

Currently Selected:

BAHEBERU 13: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy