YouVersion Logo
Search Icon

GENESE 2

2
1Mahodimo a phethwa jwalo, le lona lefatshe le dintho tsohle tsa teng. 2Modimo wa phetha ka letsatsi la bosupa mosebetsi oo o o entseng; mme ka tsatsi la bosupa wa phomola mosebetsing wohle oo o o entseng. 3Modimo wa hlohonolofatsa letsatsi la bosupa, mme wa le kgetha, hobane o phomotse ka lona mosebetsing wohle oo Modimo o o entseng ka ho o sebetsa.
Popo ya monna le mosadi.
4Ke tsena ditaba tsa ho hlaha ha mahodimo le ha lefatshe mohla di bopjwang. Mohla Jehova Modimo a etsang lefatshe le mahodimo, 5dimela tsohle tsa naha di ne di eso ho be lefatsheng, le jwang bohle ba naha bo ne bo eso ho mele, hobane Jehova Modimo o ne a eso ho nese pula lefatsheng, mme ho bo ho se motho ya lemang lefatshe; 6empa ho ne ho nyoloha mohodi fatshe, mme o ne o kolobisa lefatshe lohle.
7Jehova Modimo a bopa motho ka lerole la lefatshe, mme a budulela dinkong tsa hae phefumoloho ya ho phela, mme motho ya eba moya o phelang.
8Jehova Modimo a hloma tshimo Edene ka nnqa botjhabela, mme a bea teng motho eo a mmopileng. 9Jehova Modimo a medisa lefatsheng difate tsohle tse kgahlisang mahlo, tse monate ha di jewa, mme hara tshimo a medisa sefate sa bophelo, le sefate sa ho tseba botle le bobe.
10Noka e ne e tswa Edene ho nosetsa tshimo, mme e ne e arohana teng, e ikentse dinoka tse nne. 11Lebitso la ya pele ke Pisone, e teetseng naha yohle ya Havila hare, moo kgauta e leng teng. 12Kgauta ya naha eo e ntle; bedela e teng le lejwe la onikse. 13Lebitso la noka ya bobedi ke Gihone, e teetseng naha yohle ya Kushe hare. 14Lebitso la noka ya boraro ke Hiddekele, e mathelang ka nnqa botjhabela ho Assiria. Noka ya bone ke Eufrate.
15Yaba Jehova Modimo o nka motho, a mmea tshimong ya Edene, ho e lema le ho e lebela. 16Jehova Modimo a laela motho, a re: Haele difate tsohle tsa tshimo, o tla di ja; 17empa haele sefate sa ho tseba botle le bobe, o se ke wa se ja, hobane mohla o se jang, o tla shwa.
18Yaba Jehova Modimo o re: Ha ho molemo hoba motho a dule a nnotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya tshwanang le yena. 19Jehova Modimo a bopa ka mobu diphoofolo tsohle tsa naha, le tse rurang tsa mahodimo; a ntoo di tlisa ho Adama, a tle a bone hore o tla di rea mabitso a jwang, le hore mabitso ao Adama a tlang ho bitsa dintho tsohle tse utlwang ka wona e be mabitso a tsona. 20Adama a rea makgomo wohle mabitso, le tse rurang tsa mahodimo, le diphoofolo tsohle tsa naha; empa hae le bakeng sa motho ha ho a ka ha fumanwa molekane ya tshwanang le yena. 21Yaba Jehova Modimo o robatsa Adama boroko bo boholo, mme Adama a ithoballa. Jehova a ntsha lehopo le leng ho yena, mme a busetsa dinama tulong tsa lona. 22Jehova Modimo a bopa mosadi ka lehopo leo a le ntshitseng ho Adama, mme a mo tlisa ho Adama. 23Adama a re: Jwale enwa ke lesapo la masapo a ka, ke nama ya nama ya ka; o tla bitswa mosadi, hobane o ntshitswe ho monna.
24Ka baka lena, monna o tla tlohela ntatae le mmae, o tla kgomarela mosadi wa hae, mme e tla ba nama e le nngwe feela.
Tshimo ya Edene le sebe sa Adama.
25Adama le mosadi wa hae ba ne ba le feela ba babedi, ba se na dihlong.

Currently Selected:

GENESE 2: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy