YouVersion Logo
Search Icon

ESTHERE 9

9
Bajuda ba iphetetsa. — Mokete wa Purime.
1Kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare, ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi, leo lentswe le taelo ya morena di neng di tshwanetse ho phethwa ka lona, e leng letsatsi leo dira tsa Bajuda di neng di tshepile hore di tla ba tsohela matla ka lona, ditaba tsa fetoha, mme Bajuda ya eba bona ba tsohelang ba ba hloileng matla. 2Bajuda ba phutheha metseng ya bona, dinaheng tsohle tsa morena Assueruse, hore ba ise letsoho ho bohle ba ratileng ho ba ntsha kotsi; ha ho a ka ha eba le a mong ya kileng a tseba ho ema pela bona, etswe letsoso la bona le ne le wetse ditjhaba tsohle. 3Dihlooho tsohle tsa dinaha, le matona, le babusisi, le bohle ba tshwereng ditaba tsa morena, ba emela Bajuda, hobane letsoso la Mordekai le ne le ba wetse hodimo. 4Hobane Mordekai o ne a le moholo tlung ya morena, mme botumo ba hae bo ne bo se bo ile dinaheng tsohle; hobane efela monna eo, Mordekai, o ne a eya a ntse a hola.
5Bajuda ba bolaya dira tsohle tsa bona ka lerumo, ya eba polao le timetso e kgolo, mme ba etsa ba ba hloileng ka thato ya bona. 6Le Susane, motse wa moreneng, Bajuda ba bolaya, ba timetsa batho ba makgolo a mahlano; 7ba bolaya le Parshandatha, Dalfone, Aspatha, 8Poratha, Adalia, le Aridatha, 9Parmashtha, Arissai, Aridai, le Faisatha, 10e leng bara ba leshome ba Hammane, mora Hammedatha, motshwenyi wa Bajuda; empa ha ba ka ba hapa letho.
11Tsatsing lona leo, palo ya ba bolaetsweng Susane, motse wa moreneng, ya behelwa morena. 12Morena a re ho mofumahadi Esthere: Susane, motse wa moreneng, Bajuda ba bolaile, ba timeditse batho ba makgolo a mahlano le bara ba leshome ba Hamane. Ha ho le jwalo, ba entseng dinaheng tse ding tsa morena? Le jwale, o kopa eng? O tla e newa. O sa qosa eng? Ho tla etswa jwalo. 13Esthere a re: Ha morena a dumela, Bajuda ba Susane ba boele ba dumellwe le hosasane ho etsa ka taelo ya kajeno, mme ho ke ho fanyehwe difateng bara ba leshome ba Hamane. 14Morena a laela hore ho etswe jwalo; ha bolelwa taelo Susane, mme bara ba leshome ba Hamane ba fanyehwa difateng. 15Ha ho le jwalo, Bajuda ba Susane ba boela ba phutheha ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Adare, mme ba bolaya batho ba makgolo a mararo Susane, ba mpa ba sa ka ba hapa letho.
16Bajuda ba bang, ba leng dinaheng tsa morena, ba phutheha le bona, mme ba lwanela bophelo ba bona; ba bona phomolo ho dira tsa bona, mme ba bolaya batho ba dikete tse mashome a supileng a metso e mehlano hara ba ba hloileng, empa ha ba ka ba hapa letho.
17Tseo ba di etsa ka tsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya Adare, mme ba phomola ka la leshome le metso e mene, ba le etsa letsatsi la mokete le la thabo. 18Empa Bajuda ba Susane bona ba phutheha ka la leshome le metso e meraro le ka la leshome le metso e mene la kgwedi yona eo, mme ba phomola ka la leshome le metso e mehlano, ba le etsa letsatsi la mokete le la thabo. 19Ke ka baka leo Bajuda ba naheng, ba ahileng metseng e se nang marako, ba etsang letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Adare letsatsi la thabo le la monyaka, le letsatsi le mokete, leo ho romelanwang dimpho ka lona.
20 Mordekai a ngola ditaba tseo, mme a romela mangolo ho Bajuda bohle ba dinaheng tsohle tsa morena Assueruse, ho ba leng haufi le ho ba leng hole, 21hore ho tiiswe hara bona hore, ka selemo se seng le se seng, ba tle ba kgethe letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Adare le letsatsi la leshome le metso e mehlano, 22ka ho re, ke ka matsatsi ao Bajuda ba boneng phomolo ho dira tsa bona, hape ke ka kgwedi eo maswabi a bona a fetohileng thabo, le bofifi ba bona bo fetohileng mokete; ha thwe, ba a etse matsatsi a mokete le a thabo ao ho romelanwang dimpho, ao hape ho phomosetswang mafutsana ka wona. 23Bajuda ba dumela ho etsa seo ba neng ba se ba qadile ho se etsa, e leng seo Mordekai a ba ngoletseng sona. 24Hobane, Hamane, mora Hammedatha, Moagage, motshwenyi wa Bajuda bohle, o ne a rerile morero wa ho timetsa Bajuda, mme o ne a laotse Pure, e leng ho re lotho, hore a ba qhale, a ba timetse. 25Mme yanayare mohla Esthere a tlang pela morena, a laela ka mangolo hore morero o mobe o rerilweng ke Hamane wa ho lwantsha Bajuda, o busetswe hloohong ya hae, mme a fanyehwe sefateng, e le yena le bara ba hae. 26Ke kahoo ba reileng matsatsi ao Purime, ka lebitso la Pure.
Ka baka leo, eitse hobane ba bale taba tsohle tsa lengolo leo, le ho bona seo ba se boneng, le se ba hlahetseng, 27Bajuda ba rera, mme ba ikgethela, ba kgethela le ditloholo tsa bona le bohle ba ka ba kgomarelang, hore ba ke ke ba lesa ho kgetha matsatsi ao a mabedi, selemong se seng le se seng, ka molao wa teng o ngodilweng, le ka nako e beilweng; 28ba rera hore matsatsi ao a tla elellwa le ho kgethwa mehleng yohle, tlung e nngwe le e nngwe, le naheng e nngwe le e nngwe, le motseng o mong le o mong, le hore matsatsi ao a Purime a ke ke a hlokahala hara Bajuda, leha e le kgopotso ya teng ho hlakoha kelellong ya ditloholo tsa bona.
29Mofumahadi Esthere, moradi wa Abikaile, le Mojuda Mordekai, ba ngola ba neilwe matla wohle, ba tiisa lengolo la bobedi hodima Purime. 30Bajuda kaofela, ba leng dinaheng tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng tsa mmuso wa Assueruse, ba romelwa mangolo a ditaba tsa kgotso, le tsa nnete, 31a ho bea matsatsi ao a Purime nakong ya wona e beilweng, jwalokaha Mojuda Mordekai le mofumahadi Esthere ba ba beetse wona, le jwalokaha ba ipeetse wona le ho a beela ditloholo tsa bona, bakeng sa ditaba tsa ho itima dijo, le tsa mehoo ya bona. 32Taelo ya Esthere ya tiisa taba tseo tsa Purime, mme tsa ngolwa jwalo bukeng.

Currently Selected:

ESTHERE 9: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy