YouVersion Logo
Search Icon

BAEFESE 4

4
Bonngwe ba tumelo.
1Ke le kgothatsa ke hona, nna ke leng moholehuwa ka baka la Morena, ke re: Tsamayang ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona, 2ka boikokobetso bohle, le ka mosa, le ka sebete, le ntse le mamellana ka lerato. 3Le tiye matla ho boloka bonngwe ba moya ka tlamo ya kgotso. 4Mmele o mong, le Moya o mong, jwalokaha le bileditswe tebello e le nngwe ka ho bitswa ha lona. 5Morena o mong, tumelo e nngwe, le kolobetso e nngwe. 6Modimo o mong, e leng Ntata bohle, ya kahodimo ho bohle, ya hara bohle, ya ka ho bohle.
7Empa e mong le e mong ho rona o neilwe mohau ka tekanyo ya neo ya Kreste. 8Ke ka baka leo ho itsweng: Eitse hobane a nyolohele lehodimong, o isitse kgolehong ba holehilweng ba bangata, mme o neile batho dineo. 9Mme ho nyoloha hoo ke ho reng, haese ho re, o ne a theohetse pele dibakeng tse ka tlasetlase tsa lefatshe? 10Ya neng a theohile, esale yena ya nyolohetseng kahodimo ho mahodimo wohle, a tle a tlale ntho tsohle. 11Mme esale yena ya beileng ba bang baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba Evangeli, ba bang badisa le baruti, 12ho phethisisa bahalaledi, ho etsa tshebetso ya bodisa, ho hahisa mmele wa Kreste; 13re tle re be re finyelle bohle bonngweng ba tumelo le ba tsebo ya Mora wa Modimo, re be re fihlele boholo ba monna ya phethehileng, le tekano ya boemo bo phethehileng ba Kreste; 14hore re se hlole re eba bana, ba jwaloka mahohodi, ba fetohelang moyeng o mong le o mong wa thuto e ntjha, ka thetso ya batho, le ka mano a bona a ho kgelosa ka bohata; 15re mpe re etse nnete ka lerato, mme re hole nthong tsohle ho Kreste, eo e leng hlooho, 16eo mmele wohle o bopehileng hantle, o kopantsweng hammoho, ka dikopano tsohle tse fepang ditho tsohle, o nkang kgolo ho yena, ka matla a abelwang se seng le se seng sa tsona, o tle o hahuwe leratong.
Kgalalelo eo ka yona bakreste ba ikgethang ho baditjhaba.
17Jwale, seo ke se bolelang, seo ke se tiisang Moreneng, ke re: Le se hlole le phela jwaloka baditjhaba ba bang, ba yang ka bosawana ba dikelello tsa bona; 18bao mehopolo ya bona e leng lefifing, mme ba hole le bophelo ba Modimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba dipelo tsa bona. 19Ba timeletswe ke kutlo yohle, ba ineetse bohlola, ba tle ba etse manyala wohle ka takatso e se nang ho kgolwa. 20Empa haele lona, ha le a ka la ithuta Kreste jwalo; 21ha le fela le mo mametse, mme le rutilwe ho yena kamoo nnete e leng ho Jesu kateng, 22e leng hore le hlobole, kamoo metsamao ya lona ya pele e neng e le kateng, motho wa kgale, ya bodiswang ke ditakatso tse thetsang; 23le ho ntjhafala mehopolong ya dipelo tsa lona, 24le ho apara motho e motjha, ya bopilweng ka setshwantsho sa Modimo, ho lokeng le kgalalelong ya nnete.
25Ka baka leo, le ke le tele leshano, mme e mong le e mong a bolele nnete ho wa habo; hobane re ditho ba bang tsa ba bang. 26Ekare ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lona; 27mme le se ke la nea Diabolose sebaka. 28Ya neng a utswa, a se ke a hlola a utswa, a mpe a ineele ho sebetsa dintho tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho nea ya hlokang. 29Polelo e dihlong, leha e le nngwe, e se ke ya tswa melomong ya lona; empa ho tswe e ntle, e lokelang kgahiso, e tle e hlahisetse ba e utlwang molemo. 30Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo le tshwaetsweng letsatsi la topollo ke wona. 31Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itshena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, di falatswe ho lona. 32Le rekolohelane, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha Modimo le wona o le tshwaretse ka Jesu Kreste.

Currently Selected:

BAEFESE 4: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy