YouVersion Logo
Search Icon

AMOSE 3

3
Dikgalemelo le ditemoso.
1Utlwang lentswe lena, leo Jehova a le bolelang hodima lona, bana ba Iseraele, hodima mofuta wohle oo ke o ntshitseng lefatsheng la Egepeta; 2ke re: Ke tsebile lona feela hara meloko yohle ya lefatshe; ka baka leo, ke tla le otla ka baka la makgopo a lona kaofela.
3Na ba babedi ba tla tsamaya hammoho, ba sa dumellana? 4Na tau e rora morung, ho se seo e ka se harolang? Na tawana e utlwahatsa lentswe la yona lehaheng la yona, e sa tshwara letho na? 5Na nonyana e ka wela lerabeng le fatshe, ho se ntho e e tjhehileng? Na leraba le beilweng fatshe le ka tlolela hodimo le sa tshwase letho? 6Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova? 7Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a eso ho senole morero wa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta. 8Tau e a rora: ya sa tlo tshoha ke mang? Morena Jehova o a bua: ya sa tlo porofeta ke mang?
9Howeletsa hodima matlo a borena a Ashdode le hodima matlo a borena a lefatshe la Egepeta, le re: Phuthehelang dithabeng tsa Samaria, le tle le bone meferefere e mengata e hara yena, le dihloriso tse leng ho yena. 10Ha ba tsebe ho etsa ho lokileng, ho itswalo ke Jehova, bao ba bokellang kgapo le tshenyo matlung a bona. 11Ka baka leo, Morena Jehova o itse: Sera ke sena! se se se le ka nqa tsohle ho lefatshe! Se tla diha kganya ya hao, matlo a hao a borena a phahlwe.
12Jehova o itse: Jwalokaha modisa a hlwibila maoto a mabedi a nku, kapa sekoto sa tsebe molomong wa tau, ho tla hlwibilwa jwalo bana ba Iseraele ba Samaria, ba dutseng dintlheng tsa malao le hodima diphate tse adilweng masela a Damaseka.
13Mamelang, le pake tsa ntlo ya Jakobo, ho bolela Morena Jehova, Modimo wa makgotla. 14Ka tsatsi leo ke tlang ho kgalemela Iseraele ka baka la makgopo a hae, ke tla kgalemela le dialetare tsa Bethele, mme manaka a aletare a tla robeha, a wele fatshe. 15Ke tla rapalatsa ntlo ya mariha hodima ntlo ya lehlabula; matlo a kgabisitsweng ka manaka a tlou a tla timela, ho fediswe le matlo a mangata: ho itswalo ke Jehova.

Currently Selected:

AMOSE 3: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy