YouVersion Logo
Search Icon

II PETROSE 1

1
Tumediso.
1 Ke le Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla lona ba abetsweng tumelo e le nngwe le ya rona ka bohlokwa, ka ho loka ha Modimo le Mmoloki wa rona, Jesu Kreste, ke re: 2Le ke le atisetswe mohau le kgotso, ka tsebo ya Modimo le ya Jesu Kreste, Morena wa rona.
Ditshwanelo tsa bakreste.
3Haele moo matla a hae, e leng matla a Modimo, a re neile dintho tsohle tseo e leng tsa bophelo le tsa borapedi, ka tsebo ya ya re bitsitseng ka kganya le ka matla a hae; 4mme ha ka tseo a re sitsitse jwalo ka dipallo tse kgolohadi, tsa bohlokwa, hore ka tsona le be le kabelo ho seo Modimo o leng sona, ka ho hloboha ho bola ho leng lefatsheng ka ditakatso; 5jwale le lona, le ke le ntsheletse hona hoo matla wohle a lona, le eketse tumelo ya lona ka matla, le matla a eketswe ka tsebo, 6le tsebo ka boitshwaro, le boitshwaro ka mamello, le mamello ka borapedi, 7le borapedi ka lerato la boena, le lerato la boena ka lerato la bohle. 8Hobane ntho tseo ha di le ho lona, mme di eketseha ho lona, di ke ke tsa le fa sebaka sa ho ba botswa le sa ho nyopa tsebong ya Jesu Kreste, Morena wa rona. 9Hobane eo ntho tseo di leng siyo ho yena, o foufetse, ha a bonele hole, mme o lebetse phekolo ya dibe tsa hae tsa pele. 10Ha ho le jwalo, banabeso, le mpe le tiye matla ke hona ho tiisa ho bitswa le ho kgethwa ha lona; hobane ha le ka etsa jwalo ke moo le ke keng la kgoptjwa le ka mohla o le mong. 11Hape, ke ka mokgwa oo le tla fuwa sebaka se seholo sa ho kena mmusong o sa feleng wa Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona.
12Ke ka baka leo nke keng ka lesa ho le hopotsa taba tseo kamehla, leha le se le rutehile, mme le tiile nneteng eo e seng e le ho lona. 13Ke fela ke lekanya hobane, ha ke sa ntse ke le motlotlwaneng ona, ke tshwanetse ho le tsosa ka ho le hopotsa, 14ke tswe ke tseba hobane nako ya ka ya ho tloha kapele motlotlwaneng wona e se e le haufi, jwalokaha Morena wa rona Jesu Kreste a kile a ntsebisa. 15Mme ke tla phehella hore, leha ke se ke tlohile, le nne le be le se ka le hopotsang taba tseo.
16Hobane hase ka ho ya ka ditshomo tse entsweng ka mano re le tsebisitseng matla le ho tla ha Jesu Kreste, Morena wa rona; empa e le kahobane re iponetse boholo ba hae ka mahlo a rona. 17Hobane enereha a fuwa hlompho le tlotliso ke Modimo, Ntatae, mohla lentswe le mo tlelang, le etswa kganyeng e phahameng le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; 18le rona re ne re le utlwe lentswe leo, ha le theoha lehodimong, re ntse re na le yena thabeng e halalelang. 19Hape, re na le ditaba tsa boporofeta, tse tiisitsweng ka ho fetisisa, mme le etsa hantle ha le di ela hloko, jwaloka lebone le bonesitseng nqalong e lefifi, ho fihlela meso e ba e hlaha, mme naledi ya hosasa e tjhabela dipelong tsa lona; 20le tswe le se le dumela hobane ha ho boporofeta Lengolong bo hlahileng ka ho itlhalosetsa ha motho. 21Hobane haesale, boporofeta ha bo a ka ba tliswa ke ho rata ha motho, empa ke ka tshusumetso ya Moya o Halalelang batho ba halalelang ba Modimo ba buileng.

Currently Selected:

II PETROSE 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy