YouVersion Logo
Search Icon

I PETROSE 5

5
Ho kgothatswa baholo le bohle. — Boikokobetso le phadimeho.
1Ke kgothatsa baholo ba ho lona, nna ke leng moholo le bona, le paki ya mahlomola a Kreste, le ya nang le kabelo kganyeng e tlang ho senolwa, 2ke re: Alosang mohlape wa Modimo o ho lona, le o lebele, e eng ka ho qophellwa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata; 3e seng ka ho busa mehlape ya lona ka thata, e mpe e be ka ho etsetsa mohlape mehlala. 4Mme mohla modisa e moholo a hlahang, le tla nka moqhaka wa kganya, o sa boleng.
5Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang. 6Ka baka leo, le ke le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, o tle o le phahamise nakong e tshwanelang. 7Lahlelang dipelaelo tsohle tsa lona hodima wona; hobane o a le hlokomela. 8Le tsohe masene, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a dikadika jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang. 9Hanang ho yena ka ho tiya tumelong, le ntse le tseba hobane dihloreho di le ding le tsena di ntse di hlahela banababo lona ba lefatsheng.
10Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng ka Jesu Kreste ho rua kganya ya wona e sa feleng, ha le se le utlwile bohloko ka ditshiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee. 11Kganya le matla ke tsa wona kamehla e sa feleng! Amen!
Ditumediso.
12Ke le ngoletse hakgutshwanyane ka Silfane, e leng ngwanabo lona ya tshepehang, ha ke lekanya, ke ntse ke le kgothatsa, mme ke omela hore mohau wa sebele wa Modimo ke wona oo le emeng ho wona.
13 Ba kereke e Babilona, e kgethehileng jwaloka lona, le Mareka, mora wa ka, ba le dumedisa. 14Dumedisanang ka kako ya lerato. Kgotso e be ho lona bohle ba ho Jesu Kreste! Amen!

Currently Selected:

I PETROSE 5: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy