YouVersion Logo
Search Icon

I TIMOTHEA 4

4
Timothea o eletswa bakeng sa baruti ba thuto tse kgelohileng, le bakeng sa mosebetsi wa hae wa boruti, le sa kamoo a tshwanetseng ho kgalemela le ho laya kateng.
1Empa Moya o ometse hore, mehleng ya morao, ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e thetsang le dithuto tsa batemona; 2ka ho ya ka boikaketsi ba baruti ba bohata, bao matswalo a bona a tjhesitsweng ka tshepe; 3ba tlang ho hana ha batho ba nyala, ba tla re, ho tshajwe dijo tseo Modimo o di bopileng hore ba dumetseng, ba tsebang nnete, ba di amohele ka teboho. 4Hobane tsohle tse bopilweng ke Modimo di ntle, mme ha ho letho le tshwanetseng ho kgeswa ha ho jewa ka teboho; 5hobane tsohle di halaleditswe ke lentswe la Modimo le thapelo.
6Ha o beela baena taba tseo, o tla ba mohlanka ya molemo wa Jesu Kreste, ya otlilweng ka dipolelo tsa tumelo le ka thuto e molemo, eo o e latetseng. 7Empa o hane ditshomo tsa bosawana, tse kang tse bolelwang ke basadi ba tsofetseng, mme o itlhakisetse borapeding. 8Hobane hlakiso ya mmele ha e thuse hakae, empa borapedi bo thusa kahohle, bo tswe bo ena le pallo ya bophelo ba jwale le ya bo tlang ho tla. 9Taba eo ke ya nnete, mme e tshwanelwa ke kamohelo yohle. 10Efela ke ka baka la yona re sebetsang, re lwanang; kahobane re itshepetse Modimo o phelang, oo e leng Mmoloki wa batho bohle, haholo wa ba dumetseng.
11Laela taba tseo, mme o di rute batho. 12Ho se ke ha eba ya nyatsang botjha ba hao; empa e be wena o etsetsang badumedi mehlala ya dipolelo, ya metsamao, ya lerato, ya tumelo, le ya hlweko. 13O ineele ho bala, le ho kgothatsa, le ho ruta, ke be ke fihle. 14Hape, o se ke wa lebala mpho e ho wena, eo o e filweng ka boporofeta hammoho le peo ya matsoho a baholo. 15Hlokomela taba tseo, mme o be ho tsona; ho tswela pele ha hao ho nne ho lemohuwe ke bohle. 16O ke o itebele, o lebele le yona thuto; mme o tiye teng; hobane, ha o etsa jwalo, o tla ipholosa, o pholose le ba o utlwang.

Currently Selected:

I TIMOTHEA 4: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy