YouVersion Logo
Search Icon

I BATHESALONIKA 3

3
1Ka baka la ho hlolwa ke hlolohelo eo, re ikgethetse ho siuwa Athene re nnotshi. 2Mme re romile Timothea, ngwanabo rona, mohlanka wa Modimo, ya re sebedisang Evangeling ya Kreste, hore a ye ho le tiisa le ho le kgothatsa bakeng sa tumelo ya lona; 3ho tle ho se ke ha eba ya sisinngwang ke dihloriso tseo; athe le fela le tseba hobane re abetswe tsona. 4Hobane esitile re sa na le lona, re nnile ra le bolella pele hore e ka kgona re hloriswe, jwalokaha ho etsahetse le hona, le jwalokaha le tseba.
5 Ke re, ka baka la ho hlolwa ke ho le hlolohelwa, nkile ka roma Timothea, a tle a bone kamoo tumelo ya lona e dutseng kateng; esebe mohlomong moleki a le lekile, mme mosebetsi wa rona wa fetoha lefeela.
6Empa Timothea, ha a etla ho rona a etswa ha heno, o re behetse ditaba tse monate tsa tumelo ya lona le tsa lerato la lona, a re, le ntse le re hopotse kamehla, le lakatsa haholo ho re bona jwalokaha le rona re lakatsa ho le bona. 7Efela banabeso, re tshedisitswe ke lona, ka tumelo ya lona, mahlomoleng wohle a rona le tsietsing tsa rona. 8Hobane jwale, ha le tiile Moreneng, re a phela. 9Mme re ka ananela ho Modimo bakeng sa lona ka teboho efe, ka baka la thabo yohle eo re le thabetseng ka yona pela Modimo wa rona? 10Re ntse re o rapela motshehare le bosiu ka ho fetisisa, hore re ke re tsebe ho bona difahleho tsa lona le ho ekeletsa tumelo ya lona ka seo e haellwang ke sona.
11Oho! re etsetswe tsela ya ho tla ho lona ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena wa rona Jesu Kreste! 12Mme Morena a le hodise, mme a le atisetse lerato la ho ratana, le la ho rata bohle, jwalokaha re le rata le rona, 13a tle a tiise dipelo tsa lona; di hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, ho tleng ha Morena wa rona Jesu Kreste hammoho le bahalaledi ba hae bohle.

Currently Selected:

I BATHESALONIKA 3: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy