1
DIPESALEME 143:10
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
O nthute ho etsa ho ratwang ke wena, hobane o Modimo wa ka. Moya wa hao o molemo o ke o ntsamaise naheng ya ho loka.
Compare
Explore DIPESALEME 143:10
2
DIPESALEME 143:8
O nkutlwise lentswe la mohau wa hao e sa le kameso, hobane ke itshepetse wena. O ntshupise tsela eo ke tshwanetseng ho ya ka yona, hobane ke nyolosetsa moya wa ka ho wena.
Explore DIPESALEME 143:8
3
DIPESALEME 143:9
Jehova, o ntopolle direng tsa ka, hobane ke balehela ho wena.
Explore DIPESALEME 143:9
4
DIPESALEME 143:11
Jehova, o boele o mphedise ka baka la lebitso la hao; ka ho loka ha hao o ntshe moya wa ka tsielehong
Explore DIPESALEME 143:11
5
DIPESALEME 143:1
Jehova, utlwa thapelo ya ka; o sekehele thapedisiso ya ka tsebe. Nkarabe ka baka la botshepehi ba hao le la ho loka ha hao
Explore DIPESALEME 143:1
6
DIPESALEME 143:7
Jehova, phakisa o nkarabe; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke tle ke se ke ka tshwana le batho ba theohelang lebitleng.
Explore DIPESALEME 143:7
7
DIPESALEME 143:5
Ke elellwa mehla ya kgale, ke hopola tseo o di entseng kaofela, ke nahana tsohle tseo matsoho a hao a di sebeditseng.
Explore DIPESALEME 143:5