Faro a re ho Josefa: Haele mona Modimo o o senoletse taba tsena tsohle, ha ho motho ya utlwisisang, ya bohlale jwaloka wena. Ke wena ya tlang ho ba mmusisi wa ntlo ya ka, mme setjhaba sa ka kaofela se tla buswa ka molomo wa hao; ke tla ba moholo ho wena ka terone feela.