1
BAKOLOSE 2:6-7
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Mme jwalokaha le amohetse Morena Jesu Kreste, le fele le tsamaye jwalo ho yena; le ntse le tebisa metso ho yena, le thewa ka ho yena, le tiya tumelong, jwalokaha le rutilwe, le ntse le tletse teboho.
Compare
Explore BAKOLOSE 2:6-7
2
BAKOLOSE 2:8
Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ya ka dithuto tseo batho ba neanang tsona, ka ho latela ditaba tsa qalo tsa lefatshe, e seng Kreste.
Explore BAKOLOSE 2:8
3
BAKOLOSE 2:13-14
Eitse ha le ne le sa ntse le itjhweletse dibeng tsa lona le ho se bolleng ha nama ya lona, o le phedisitse hammoho le yena, ka ho le tshwarela ditlolo tsohle; o hlakotse lengolo la molato la melao e neng e re qosa, mme o le fedisitse ka ho le kgokgothella sefapanong.
Explore BAKOLOSE 2:13-14
4
BAKOLOSE 2:9-10
Hobane botlalo kaofela ba bomodimo bo ahile ho yena ka mmele. Ka ho yena le tlala tsohle, e le hlooho ya borena bohle le ya mebuso yohle.
Explore BAKOLOSE 2:9-10
5
BAKOLOSE 2:16-17
Ka baka leo, motho a se ke a le nyatsa tabeng ya ho ja le ya ho nwa, leha e le tabeng ya mekete, le ya dikgwedi tse ntjha, le ya disabatha, tseo e leng seriti sa tse tlang ho tla, empa mmele wa tsona ke Kreste.
Explore BAKOLOSE 2:16-17