YouVersion Logo
Search Icon

BaFilipi 1

1
BaFilipi 1
1Pauluse le Timothea, bahlanka ba Jesu Kreste, re ngolla bahalaledi bohle ba ho Kreste Jesu ba leng Filipi, le babishopo le madikone:
2A le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona le ho Morena Jesu Kreste.
3Ke leboha Modimo wa ka kamehla ha ke le hopola.
4Kamehla thapelong e nngwe le e nngwe ya ka bakeng sa lona bohle ke ntse ke le kopa ka thabo;
5Ka baka la kopano ya lona Evangeling ho tloha letsatsing la pele ho fihlela jwale;
6Ke ntse ke kgodisehile hore ya qadileng mosebetsi o motle ho lona o tla o phetha ho fihlela letsatsi la Kreste Jesu.
7Feela joalokaha ho loketse hore ke nahane sena ka lōna bohle, kaha ke na le lōna ka pelong ea ka; ka ha ditlamong tsa ka, le ho femela, le ho tiisa Evangeli, ke lona bohle le nang le kabelo mohaung wa ka.
8Hobane Modimo ke paki ya ka ya kamoo ke le hlolohetsweng bohle kateng, ka lerato la Kreste Jesu.
9Mme ke rapella sena, hore lerato la lona le ka ata ka ho fetisisa tsebong le kahlolong yohle;
10Le tle le tsebe ho bona tse molemo; le tle le be ba se nang molato, le be le se nang molato, ho be ho fihle tsatsi la Kreste;
11le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse tswang ka Jesu Kreste, hore e be tlotliso le thoriso ho Modimo.
12Empa ke rata ha le ka utlwisisa, banabeso, hore tse nketsahaletseng di hlahile haholo ho ntshetsa pele Evangeli;
13hoo ditlamo tsa ka ho Kreste di tle di bonahale tlung yohle ya borena le nqalong tse ding tsohle;
14Haele baena ba bangata Moreneng, ha ba ntse ba tshepile ka ditlamo tsa ka, ba tiya ho bolela lentswe la Modimo ba sa tshabe letho.
15Ba bang ba bolela Kreste ka mohono le ka kgang; mme ba bang le bona ka boithatelo bo botle.
16Ba bang ba bolela Kreste ka kgang, e seng ka nnete, ba hopotse ho mpefatsa matshwenyeho ditlamong tsa ka.
17Empa ba bang ka lerato, ba ntse ba tseba hore ke beilwe ho sireletsa molaetsa o molemo.
18Joale ho thoe’ng? Leha ho le joalo, ka litsela tsohle, leha e le ka boikaketsi, kapa ka ’nete, Kreste oa boleloa; mme ke moo ke a thaba, e, mme ke tla thaba.
19Hobane ke tseba hoba hoo ho tla mphetohela poloko ka merapelo ya lona, le ka tlatsetso ya Moya wa Jesu Kreste;
20ho ya ka tebello ya ka e tiileng le ka tshepo ya ka, hore nke ke ka hlajwa ke dihlong ka letho, empa e le ka tshepo yohle, jwaloka kamehla, le jwale Kreste o tla hodiswa mmeleng wa ka, leha e ka ba ka bophelo, leha e le ka lefu.
21Hobane ho nna ho phela ke Kreste, mme ho shwa ke leruo.
22Empa haeba ke phela nameng, hona ke litholoana tsa mosebetsi oa ka;
23Hobane ke tsielehile pakeng tsa tse pedi, ke na le takatso ya ho tloha ho ya ba le Kreste; e leng molemo ho feta:
24Leha ho le joalo, ho lula nameng ho hlokahala haholo bakeng sa lōna.
25Mme ka tshepo eo, ke a tseba hore ke tla nne ke dule, ke be ke nne le lona bohle, ke tle ke be le thabo ya tumelo ya lona.
26E le hore thabo ya lona e tle e eketsehe ka Jesu Kreste bakeng sa ka, ka ho ba teng ha ka hape ho lona.
27Feela hore metsamao ya lona e be kamoo e tshwanelang Evangeli ya Kreste kateng, hore leha ke tla ho le bona, leha ke se ke le siyo, ke utlwe ditaba tsa lona, hore le eme le tiile moyeng o le mong, ka kgopolo e le nngwe le lwanela tumelo ya Modimo evangeli;
28Le se ke la tshoha bahanyetsi ba lona ka letho; hoo e leng pontsho ya tshenyeho ho bona, empa ho lona e tla ba pontsho ya poloko, e tswang ho Modimo.
29Hobane le neilwe ka baka la Kreste, e seng ho dumela ho yena feela, empa le ho hlokofatswa ka baka la hae;
30Le na le ntwa e tshwanang le eo le e boneng ho nna, eo le e utlwang jwale hore e ho nna.

Currently Selected:

BaFilipi 1: CSOB24

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy