YouVersion Logo
Search Icon

Diketso 1

1
Diketso 1
1Pale ea pele, Theofilase, ke e ngotse ea tsohle tseo Jesu a qalileng ho li etsa le ho li ruta,
2Ho fihlela letsatsi leo a nyolotsweng ka lona, ka Moya o Halalelang a laetse baapostola bao a neng a ba kgethile.
3Bao a iponahatsang ho bona a phela, ka mora lefu la hae, ka bopaki bo bongata bo sa foseng, a bonwa ke bona ka matsatsi a mashome a mane, mme a bolela tsa mmuso wa Modimo.
4Eitse ha a phuthehile le bona, a ba laela hore ba se ke ba tloha Jerusalema, le mpe le letele pallo ya Ntate, eo le e utlwileng ho nna.
5Hobane Johanne o hlile o kolobeditse ka metsi; empa le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang, ho se ho fetile matsatsi a seng makae.
6Yare ha ba phuthehile, ba mmotsa, ba re: Morena, na o tla busetsa mmuso wa Iseraele ka nako ee na?
7A re ho bona: “Ha se taba ya lona ho tseba dinako le mehla, tseo Ntate a di beileng matleng a hae.
8Empa le tla amohela matla, Moya o Halalelang o tle ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.
9Eitse hobane a bolele taba tseo, ba ntse ba tadimile, a nkelwa hodimo; mme leru la mo tlosa mahlong a bona.
10Yare ba sa ntse ba tadimile lehodimong, ha a ntse a nyoloha, bonang, banna ba babedi ba ema pela bona, ba apereng diaparo tse tshweu;
11Ba re: Banna ba Galelea, le emetseng le lelaletse lehodimong? Jesu enoa ea nketsoeng leholimong ho tsoa ho lōna, o tla tla ka mokhoa oo le mo boneng a ea leholimong ka oona.
12Jwale ba kgutlela Jerusalema ba tloha thabeng e bitswang Mehlwaare, e bohole ba leeto la Sabatha ho tloha Jerusalema.
13Yare hobane ba kene hae, ba hlwella phaposing e kahodimo, moo ho neng ho dula Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Bartholome, le Mattheu, le Jakobo, mora Alfea, le Simone Selote, le Judase, mora Jakobo.
14Bao bohle ba tiisetsa thapelong le thapeding, ba le pelo e le nngwe, ba ena le basadi, le Maria mma Jesu, le banababo.
15Matsatsing ao Petrose a ema hara barutuwa, a re: (palo ya mabitso e batla e ka ba lekgolo le mashome a mabedi).
16Bana beso, ho ne ho tlameha ho phethehe lengolo leo Moya o Halalelang o le boletseng ka molomo wa Davida mabapi le Judase, eo e neng e le moetapele wa ba tshwereng Jesu.
17Hobane o ne a badilwe le rona, mme o ne a fumane kabelo ya tshebeletso ena.
18Monna enwa o ile a reka tshimo ka moputso wa bokgopo; mme a wela fatshe ka hlooho, a phatloha ka lehare, mala a hae kaofela a tswela kantle.
19Taba eo ya tsejwa ke baahi bohle ba Jerusalema; e bile tshimo eo ka puo ya bona e bitswang Aceldama, ke ho re, Tshimo ya madi.
20Hobane ho ngodilwe bukeng ya Dipesaleme, ho thwe: “Moaho wa hae e be lesupi, ho se be ya ahang ho wona;
21Ka baka leo, hara banna bana ba nnileng ba tsamaya le rona ka nako tsohle tseo Morena Jesu a neng a kena le ho tswa hara rona.
22Ho qala ka kolobetso ya Johanne, ho isa letsatsing leo a nyolotsweng ho rona ka lona, e ka kgona e mong a bewe ho ba paki ya tsoho ya hae le rona.
23Yaba ba kgetha ba babedi, Josefa ya bitswang Barasabase, ya bitswang Justuse, le Matthiase.
24Ba rapela, ba re: “Morena, wena ya tsebang dipelo tsa batho bohle, bontsha hore na ho ba babedi bao o mo kgethile ofe?
25e le hore a ka nka karolo ya tshebeletso ena le boapostola boo Judase a ileng a kgeloha ho bona, hore a ye sebakeng sa hae.
26Ba ba abela matengwa; mme lotho ya wela Mathiase; mme a ballwa le baapostola ba leshome le motso o mong.

Currently Selected:

Diketso 1: CSOB24

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy