YouVersion Logo
Search Icon

1 BaThesalonika 1

1
1 BaThesalonika 1
1Nna Pauluse, le Silvanase, le Timothea, re dumedisa kereke ya Bathesalonika, e leng ho Modimo Ntata rona, le ho Morena Jesu Kreste: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.
2Re dula re leboha Modimo ka baka la lona bohle, re ntse re le hopola merapelong ya rona;
3Ke sa phetse ho hopola mesebetsi ya lona ya tumelo, le mosebetsi wa lerato, le mamello ya lona ya tshepo ho Morena wa rona Jesu Kreste, mahlong a Modimo Ntata rona.
4Ka ho tseba, banabeso ba ratwang, ka ho kgethelwa ha lona ke Modimo.
5Hobane Evangeli ya rona ha ya ka ya tla ho lona ka dipolelo feela, empa le ka matla, le ka Moya o Halalelang, le ka kgodiseho e kgolo jwalokaha le tseba hore re ne re le batho ba jwang hara lona ka baka la lona.
6Le ile la ba baetsisi ba rona le ba Morena, kaha le ile la amohela lentswe mahlomoleng a maholo ka thabo ya Moya o Halalelang.
7Hoo le bileng mohlala ho bohle ba dumelang Masedonia le Akaia.
8Hobane lentswe la Morena le tumme ho tswa ho lona, e seng Masedonia le Akaia feela, empa tumelo ya lona ho Modimo e hasane hohle; hoo re sa hlokeng ho bua letho.
9Hobane bona ka bobona ba bolela tsa ho kena ha rona ho lona, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo ka ho tlohela medimo ya bohata, hore le sebeletse Modimo o phelang, wa nnete;
10le ho lebella Mora wa hae ho tswa lehodimong, eo a mo tsositseng bafung, e leng Jesu, ya re lopolotseng bohaleng bo tlang ho tla.

Currently Selected:

1 BaThesalonika 1: CSOB24

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy