YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 9

9
Phodiso ya sefofu sa tswalo
1Ha Jesu a feta, a bona monna ya tswetsweng e le sefofu. 2Barutuwa ba hae ba mmotsa, ba re: “Rabbi, ya entseng sebe ke mang? Ke yena, kapa batswadi ba hae, ha e le moo a tswetswe a foufetse?”
3Jesu a araba, a re: “Hase yena ya entseng sebe leha e le batswadi ba hae, empa e le hore mesebetsi ya Modimo e bonahale ho yena. 4Eka kgona re etse mesebetsi ya ya nthomileng e sa ntsane e le motsheare; bosiu bo a tla, boo ka bona ho seng ya ka sebetsang. 5Ha ke ntse ke le lefatsheng, ke lesedi la lefatshe.”
6Ha a buile tsena, a tshwela fatshe, a duba seretse ka mathe, a tlotsa mahlo a sefofu ka sona, 7mme a re ho sona: “Eya o iphotle letsheng la Silowame” ke ho re: Moromuwa. Sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona.
8Jwale ba ahisaneng le sona le ba se boneng pele e le mokopi, ba re: “Na hase yena ya neng a dula fatshe a kopa?”
9Ba bang ba re: “Ke yena.”
Ba bang ba re: “Tjhe, o mpa a tshwana le yena.”
Yena a re: “Ke nna.”
10Jwale ba re ho yena: “Mahlo a hao a tutubolohile jwang?”
11Yena a araba, a re: “Motho ya bitswang Jesu o ile a duba seretse, a tlotsa mahlo a ka, a re ho nna: ‘Eya Silowame, o iphotle;’ ka ya, ka iphotla, ka bona.”
12Ba re ho yena: “O kae?”
A re: “Ha ke tsebe.”
Bafarisi ba batlisisa tsa phodiso
13Ba isa ya neng a foufetse ho Bafarisi. 14Letsatsi leo Jesu a neng a dube seretse ka lona, a tutubolla mahlo a hae, e ne e le la Sabatha. 15Bafarisi ba mmotsa hape hore na o foufolohile jwang. A re ho bona: “O ile a tlotsa mahlo a ka ka seretse; ka ya iphotla, mme ka bona.”
16Ba bang ho Bafarisi ba re: “Motho eo ha a tswe ho Modimo, hobane ha a boloke Sabatha.”
Ba bang ba re: “Motho wa moetsadibe a ka tseba jwang ho etsa mehlolo e jwalo?” Karohano ya eba teng hara bona.
17Ba re hape ho sefofu: “Wena o reng ka yena, ha e le moo a o tutubolotse mahlo?”
Sa re: “Ke moporofeta.”
18Bajuda ha ba a ka ba dumela hore o ne a foufetse, mme jwale o foufolohile, ho fihlela ba bitsa batswadi ba ya ileng a foufoloha. 19Ba ba botsa, ba re: “Na eo ke mora wa lona, eo le reng o tswetswe a foufetse? O bona jwang jwale?”
20Batswadi ba hae ba ba araba, ba re: “Re a tseba hore enwa ke mora wa rona, le hore o tswetswe a foufetse, 21empa ha re tsebe hore na o bona jwang jwale, le hore na ya mo tutubolotseng mahlo ke mang, ha re tsebe; mmotseng, o se a le moholo, o tla ipuella.” 22Batswadi ba hae ba ile ba bolela tsena ka ho tshaba Bajuda, hobane Bajuda ba ne ba se ba dumellane hore, ha motho a ka bolela hore ke Kreste, o tla kgaolwa phuthehong. 23Ka lebaka lena, batswadi ba hae ba re: “O se a le moholo, mmotseng.”
24Motho ya neng a foufetse a bitswa ke Bafarisi kgetlo la bobedi; ba re ho yena: “Bua nnete ya Modimo; re a tseba hore motho eno ke moetsadibe.”
25A araba, a re: “Ha ke tsebe hore ke moetsadibe; ke tseba ntho e le nngwe, e leng hore ke ne ke foufetse, jwale ke a bona.”
26Yaba ba re ho yena: “O ile a etsang ho wena? O ile a o tutubolla mahlo jwang?”
27A ba araba, a re: “Ke se ke le boleletse, mme ha le a ka la mamela; le rata ho utlwa hape ka baka lang? Na le lona le rata ho fetoha barutuwa ba hae?”
28Ba mo hlapaola, ba re: “Ke wena morutuwa wa hae, rona re barutuwa ba Moshe; 29re a tseba hore Modimo o ile a bua le Moshe, empa enwa ha re tsebe hore na o tswa kae.”
30Motho eo a ba araba, a re: “Ke taba e makatsang ha le sa tsebe hore na o tswa kae, empa a ntutubolotse mahlo. 31Re a tseba hore Modimo ha a utlwe baetsadibe, empa ha motho a tshaba Modimo, a etsa thato ya hae, Modimo o a mo utlwa. 32Ha ho eso ka ho utlwahala le ka mohla hore motho o kile a tutubolla mahlo a ya tswetsweng e le sefofu. 33Ha motho enwa a ne a sa tswe ho Modimo, o ne a ke ke a etsa letho.”
34Ba araba, ba re ho yena: “O tswetswe o le moetsadibe ka ho tlala, empa jwale o a re ruta?”
Yaba ba a mo tebela.
Bofofu ba moya
35Jesu a utlwa hore ba mo tebetse. Ha a mo fumana, a re ho yena: “Na o dumela ho Mora Motho?”
36Yena a mmotsa, a re: “Ekaba ke mang, Morena, ke tle ke dumele ho yena?”
37Jesu a re ho yena: “O mmone, ebile ke yena ya buang le wena.”
38A re: “Ke a dumela, Morena,” mme a mo kgumamela.
39Yaba Jesu o re: “Ke tletse kahlolo lefatsheng lena, hore ba sa boneng ba bone, mme ba bonang ba foufale.”
40Bafarisi ba nang le yena ba utlwa tsena, mme ba re ho yena: “Na le rona re foufetse?”
41Jesu a re ho bona: “Ha le ne le foufetse, le ka be le se na sebe, empa jwale le re: ‘Re a bona;’ ka hona sebe sa lona ha se hlakolwe.”

Currently Selected:

JOHANNE 9: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy