YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 12

12
Jesu o tshelwa ka setlolo Bethania
(Mat. 26:6-13; Mar. 14:3-9)
1Ha ho setse matsatsi a tsheletseng e eba Paseka, Jesu a ya Bethania, moo Lasaro, eo Jesu a neng a mo tsose bafung, a neng a le teng. 2Ba mo etsetsa dijo teng, Maretha a ba fepa, mme Lasaro e ne e le e mong wa ba nang le yena dijong. 3Maria a nka halofo ya lethara ya setlolo sa nareda ya sebele, ya bohlokwa, a tlotsa maoto a Jesu, a mo hlakola maoto ka moriri wa hae, mme ntlo ya tlala monko wa setlolo.
4Judase Isekariota, e mong wa barutuwa ba Jesu, ya neng a tla mo eka, a re: 5“Ke hobaneng ha setlolo see se sa ka sa rekiswa didenare tse makgolo a mararo, tsa newa mafutsana?” 6O ile a rialo, e seng hobane a ne a tsotella mafutsana, empa hobane e ne e le leshodu, mme kaha a ne a tshwara mokotla wa tjhelete, o ne a utswa tse kentsweng kateng.
7Yaba Jesu o re: “Mo lese, a se bolokele letsatsi la kepelo ya ka, 8hobane mafutsana le na le wona kamehla, empa nna le ke ke la ba le nna kamehla.”
Morero wa ho bolaya Lasaro
9Letshwelehadi la Bajuda la tseba hore o teng moo, mme la tla, e seng ka baka la Jesu feela, empa le hore le bone Lasaro eo a mo tsositseng bafung. 10Baprista ba baholo ba rera hore le yena Lasaro a bolawe, 11hobane ka baka la hae, Bajuda ba bangata ba ne ba ba kwenehela, ba dumela ho Jesu.
Jesu o kena Jerusalema
(Mat. 21:1-11; Mar. 11:1-11; Luka 19:28-40)
12Ka la hosasane, letshwelehadi le tlileng moketeng ha le utlwa hore Jesu o tla Jerusalema, 13la nka makala a dipalema, la tswa ho ya mo kgahlanyetsa, mme la howa, la re:
“Hosanna! Ho bokwe
ya tlang ka lebitso la Morena,
Kgosi ya Iseraele!”
14Yare ha Jesu a fumana petsana ya tonki, a e palama, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:
15“Se tshabe, moradi wa Sione:
bona, Kgosi ya hao e a tla,
e palame petsana ya tonki.”
16Ho qaleng barutuwa ba hae ha ba a ka ba utlwisisa ditaba tsena, empa yare ha Jesu a se a tlotlisitswe, ba hopola hore ditaba tsena di ne di ngotswe ka yena, mme tsena ba mo entse tsona.
17Jwale letshwele le neng le ena le yena ha a bitsa Lasaro lebitleng, a mo tsosa bafung, le ne le paka hoo. 18Ka baka leo, letshwele la mo kgahlanyetsa, hobane le utlwile hore o entse mohlolo ona. 19Jwale Bafarisi ba buisana, ba re: “Na le a bona hore ha le thuse letho? Bonang, lefatshe lohle le mo setse morao!”
Bagerike ba bang ba rata ho bona Jesu
20Ho ne ho ena le Bagerike ba bang hara ba nyolohang ho ya kgumamela Modimo moketeng. 21Ba tla ho Filipi wa Bethesaida e Galelea, ba kopa, ba re: “Monghadi, re rata ho bona Jesu.” 22Filipi a ya bolella Andrease; Andrease le Filipi ba ya bolella Jesu.
23Jesu a ba araba, a re: “Nako e fihlile ya hore Mora Motho a tlotliswe. 24Kannetenete, ke a le bolella, ha tlhaku ya koro e welang mobung, e sa shwe, e sala e le inotshi, empa ha e eshwa, e beha ditholwana tse ngata. 25Ya ratang bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, mme ya hloyang bophelo ba hae lefatsheng lena, o tla bo bolokela bophelo bo sa feleng. 26Ha motho a ntshebeletsa, a ntatele, mme moo ke leng teng, le mosebeletsi wa ka o tla ba hona teng; ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.”
Eka kgona Mora Motho o phahamiswe
27“Jwale moya wa ka o ferekane. Ke tla reng? Na ke tla re: ‘Ntate, o mpholose nakong ena?’ Empa ke ka lebaka lena ke fihletsweng ke nako ena. 28Ntate, tlotlisa lebitso la hao!”
Yaba ho tswa lentswe lehodimong, le re: “Ke le tlotlisitse, mme ke sa tla le tlotlisa hape.” 29Letshwele le neng le eme moo, ha le utlwa, la re ke letolo. Ba bang ba re: “Lengeloi le buile le yena.”
30Jesu a araba, a re: “Lentswe lena ha le a bua ka baka la ka, empa ke ka baka la lona. 31Jwale ke kahlolo ya lefatshe lena; jwale mmusi wa lefatshe lena o tla lahlelwa kantle, 32mme nna, ha ke se ke phahamisitswe, ke tlohile lefatsheng, ke tla hulela batho bohle ho nna.” 33A rialo ho supa hore na o tla shwa lefu le jwang.
34Yaba letshwele le a mo araba, le re: “Re utlwile Molaong hore Kreste o tla hlola ka ho sa feleng, empa wena o bolela jwang ha o re eka kgona Mora Motho a phahamiswe? Mora enwa wa motho ke mang?”
35Jesu a re ho bona: “Lesedi le sa na le lona ka nakwana. Tsamayang ha le sa ntse le ena le lesedi, esere mohlomong lefifi la le tshwara. Ya tsamayang lefifing ha a tsebe moo a yang teng. 36Ha le sa ntse le ena le lesedi, dumelang ho lesedi, e le hore le tle le be bana ba lesedi.”
Jesu a bua ditaba tsena, mme a tloha a ipatela bona.
Ho se dumele ha Bajuda
37Le hoja a entse mehlolo e mengata hakaalo pela bona, ha ba a ka ba dumela ho yena, 38e le hore ho phethahale lentswe leo moporofeta Esaya a ileng a le bolela, a re:
“Morena, ke mang ya dumelang
seo re se bolelang?
Tsoho la Morena
le bonahaditswe ho mang?”
39Ka baka leo, ba ne ba ke ke ba dumela, kahobane Esaya a ile a boela a re:
40“O foufaditse mahlo a bona,
a thatafatsa dipelo tsa bona,
hore ba se ke ba bona ka mahlo,
ba utlwisisa ka pelo, ba sokoloha,
mme ka ba fodisa.”
41Esaya o ile a bolela tsena hobane a ne a bone tlotla ya Morena, mme a bua ka yena.
42Leha ho le jwalo, esita le ba bangata ba baokamedi ba ile ba dumela ho yena, empa ka baka la Bafarisi, ha ba a ka ba bolela, esere ba tebelwa tlung ya thapelo, 43hobane ba ne ba rata tlotla e tswang ho batho ho feta tlotla e tswang ho Modimo.
Kahlolo ya ba sa dumeleng
44Jwale Jesu a phahamisa lentswe, a re: “Ya dumelang ho nna ha a dumele ho nna, empa o dumela ho ya nthomileng, 45mme ya mponang o bona ya nthomileng. 46Nna ke tlile lefatsheng ke le lesedi, hore mang le mang ya dumelang ho nna a se ke a ba lefifing.
47“Ha motho a utlwa dipolelo tsa ka, a sa di boloke, ha ke mo ahlole, hobane ha ke a tlela ho ahlola lefatshe, empa ke tletse ho pholosa lefatshe. 48Ya nkganang, a sa amohele dipolelo tsa ka, o na le ya mo ahlolang: lentswe leo ke le buileng le tla mo ahlola ka tsatsi la bofelo, 49hobane ha ke a ka ka bua ka bonna, empa Ntate ya nthomileng o nneile taelo ya seo ke tla se bolela le ya seo ke tla se bua. 50Ke a tseba hore taelo ya hae ke bophelo bo sa feleng. Ka baka leo, tseo ke di buang ke di bua jwalokaha Ntate a mpoleletse tsona.”

Currently Selected:

JOHANNE 12: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy