YouVersion Logo
Search Icon

HOSEA 1

1
1Mehleng ya puso ya Usiya, le Jotame, le Akase, le Hesekiya, dikgosi tsa Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, lentswe la Morena la fihla ho Hosea, mora wa Beeri.
Mosadi wa Hosea le bana ba hae
2Ha Morena a qala ho bua le Hosea a na a re ho yena:
“Tsamaya, o yo nyala,
o nyale mosadi wa seotswa,
o inkele le bana,
bana ba bootswa ba hae,
hobane lefatshe le furaletse Morena,
la mo furalla
ka ho hloka botshepehi.”
3Yaba Hosea o a ya, o nyala Gomere, moradi wa Dibelaime; yena a emola, mme a mo tswalla mora.
4Jwale Morena a re ho Hosea:
“Mo ree lebitso la Jesereele,
hoba haufinyane
ntlo ya Jehu ke tla e otla,
ke e otle,
ke phetetse madi a Jesereele,
bokgosi ba Baiseraele ke bo fedise.
5Mohlang oo seqha sa Iseraele
ke tla se roba,
ke se robele kgohlong ya Jesereele.”
6Gomere a boela a emola, mme a beleha ngwana wa ngwanana. Morena a re ho Hosea:
“Yena o mo ree
lebitso la Mohanuwa,
hoba ke tla hana
ho hauhela Baiseraele,
le ho ba tshwarela
nke ke ka ba tshwarela.
7Empa ke tla hauhela
ba ntlo ya Juda,
nna Morena Modimo wa bona,
ke ba pholose.
Ha nka ke ka ba pholosa
ka seqha kapa sabole,
kapa ka ntwa
kapa dipere kapa bapalami.”
8Ha Gomere a se a kgwesitse Mohanuwa, a boela a emola, a tswala mora e mong. 9Yaba Morena o re:
“Yena o mo ree lebitso la Lebamang,
hoba lona ha le setjhaba sa ka,
le nna ha ke Modimo wa lona.”
Baiseraele ba tla kgutliswa
10“Empa Baiseraele
ba tla ngatafala,
ba ngatafale sa lehlabathe la lewatle
le ke keng la methwa
leha e le ho balwa.
Moo ho neng ho thwe ho bona:
‘Lona ha le setjhaba sa ka’,
ho tla thwe:
‘Le bana ba Modimo ya phelang’.
11Bajuda le Baiseraele ba tla kopana,
ba ikgethele mookamedi a le mong;
ba hole, ba atlehe naheng ya bona,
hoba tsatsi la Jesereele
le tla ba leholo!”

Currently Selected:

HOSEA 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy