YouVersion Logo
Search Icon

MORUTI 1

1
Tsohle ke lefeela
1Tsena ke dipolelo tsa Moruti, mora wa Davida, eo e neng e le kgosi motseng wa Jerusalema:
2“Lefeela la mafeela,”
ho rialo Moruti;
“lefeela la mafeela,
tsohle ke lefeela!”
3Motho o boellwa keng
mosebetsing wohle wa hae,
oo a o sebetsang
ka thata lefatsheng?
4Moloko o a hlaha,
moloko o a feta,
fatshe lona le hlola kamehla yohle.
5Tsatsi le a tjhaba,
tsatsi le a dikela,
le potlake hape
ho kgutlela botjhabela.
6Moya o fokela borwa,
o fokele leboya,
o potolohe jwalo,
o kgutlele moo o tswang teng.
7Dinoka tsohle
di phallela lewatleng,
empa lewatle ha le ke le tlala.
Moo dinoka di phallelang teng,
ke moo di phallelang teng kamehla.
8Dintho tsohle di tena motho,
di tena ho feta polelo ya motho;
leihlo la motho
ha le tenehe ke ho bona,
tsebe ha e tlale tseo e di utlwang.
9Se bileng teng se tla ba teng hape,
se kileng sa etswa se tla etswa hape;
ha ho letho le letjha mona lefatsheng.
10Na letho le teng
leo ho ka thweng ka lona:
“Bona mona, hona ke ho hotjha?”
Ho bile teng mehleng ya kgale,
ho bile teng pele ho mehla ya rona.
11Baholoholo ba kgale
ha ba sa hopolwa;
esita le bao
e leng hona ba tla tla,
bahlahlami ba bona
ba ke ke ba ba hopola!
Ho batla bohlale ha ho thuse letho
12Nna, Moruti, ke ne ke le kgosi ya Iseraele, motseng wa Jerusalema. 13Ka ineela ka pelo ya ka yohle ho batla le ho fuputsa ka bohlale, dintho tsohle tse etswang mona lefatsheng. Modimo o neile batho mosebetsi ona o boima hore ba o sebetse ka thata. 14Ke bone mesebetsi yohle e etswang mona lefatsheng, empa kaofela ha yona ke mafeela a tshwanang le ho lelekisa moya.
15Ho kgopameng
ho ke ke ha kgopamollwa,
ho seng teng
ho ke ke ha ba ha balwa.
16Yaba ke bua ka pelo, ke re: “Ako bone, ke tumme haholo ka ho hlalefa ho feta bohle ba kileng ba busa motseng wa Jerusalema pele ho nna. Ke na le tsebo e ngata ya bohlale le ya thuto.” 17Ka ikemisetsa ho ithuta hore ke utlwisise bohlale le bohlanya le bothoto, empa ka elellwa hore le hona e ntse le ho lelekisa moya feela.
18Bohlale bo bongata
bo tlisa mahlomola a mangata,
ya eketsang tsebo
o ikekeletsa maswabi.

Currently Selected:

MORUTI 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy