YouVersion Logo
Search Icon

SOFONEA 3

3
Bokamoso ba Jerusalema
1O madimabe motse wa Jerusalema,
motse wa batlatlapi,
motse wa bafetohedi o silafetseng!
2Motse ona ha o mamele keletso,
kgalemelo le yona ha o e amohele;
esita le Morena ha o mo tshepe,
ha o ikatametse ho Modimo wa wona.
3Mahosana a wona
ke tau tse purumang
baahlodi ba wona
ke phiri tse jang bosiu,
ere bo esa di be di jele di qetile.
4Baporofeta ba wona ke baikakasi,
ke banna ba tletseng bolotsana;
baprista ba wona
ba silafaditse Sehalalelo,
molao le wona ba ba ba o tlola.
5Ho loka ha Morena
ho teng motseng ona,
ha a ka ke a etsa bokgopo ba letho.
Kamehla ha ho esa o diha kahlolo,
kamehla ha bo esa ha a fose,
empa ya kgopo
ha a hlajwe ke dihlong.
6“Matjhaba wohle ke a timeditse,
qhobosheane tsa wona ka di heletsa.
Diterata tsa wona di setse feela,
ha ho le ya mong
ya tsamayang ho tsona.
Metse ya tsona yohle e ripitlilwe,
ha ho sa na le motho,
ha ho sa na moahi.
7Ka na ka bua
ho baahi ba motse, ka re:
‘Ruri le sa tla be le ntlhomphe,
le qetelle le mametse kgalemo ya ka,
e le hore leaho la lona le se ripitlwe,
le kahlolo tsa ka
di se le wele hodimo.’
Empa ba nna ba hahamala,
ba hahamala ho ya pele,
ba eketsa ketso
tse bodileng tsa bona.
8Kahoo nkemeleng,”
ho rialo Morena,
“le nkemele ho fihlela ha ke le qosa.
Ke na le morero
wa ho phutha ditjhaba,
wa ho di phutha le mebuso ya tsona,
ke hlatsetse kgalefo ya ka
hodima tsona,
e leng bohale ba ka
bo tukang malakabe.
Lefatshe lohle
le tla timetswa ka mollo,
ka mollo wa kgalefo ya ka
ya ho boulela.
9Mohlang oo ke tla fedisa
puo tse mpe tsa ditjhaba,
bohle ba tle ba ipiletse ho Morena,
ba mo sebeletse ba le ntsweleng.
10Ho tloha ka nqane
ho noka ya Kushe,
tjhaba sa ka se qhalakaneng
se tla nkgumamela,
se ntlisetse dinyehelo.
11Mohla tsatsi leo
ha o na ho ba dihlong
ka baka la ho ntshitelwa ha hao.
Ba ithorisang ka boikakaso ba hao
ke tla ba fedisa kahare ho wena;
o ke ke wa hlola o ikgohomosa,
o le thabeng ya ka e halalelang.
12Tjhaba se mosa, se ikokobetsang,
se tla o salla se ntse se phela,
se ntse se phela, se tshepile Morena.
13Masalla a Iseraele
a ke ke a etsa bokgopo,
leha e le hona ho bua mashano;
a ke ke a thetsa ka maleme a wona.
Masalla ao a tla fula, a bothe,
ho se na ya ka hlolang a a
tshosa.”
Sefela sa thabo
14Wena Moradi wa Sione, bina haholo!
Wena Iseraele, howeletsa haholo!
Wena Moradi wa Jerusalema,
thaba haholo,
ka pelo ya hao yohle,
nyakalla haholo!
15Morena o fedisitse kahlolo ya hao,
o timeditse le tsona dira tsa hao.
Morena, Kgosi ya Iseraele,
o na le wena,
ha o ka ke wa tshoha koduwa.
16Mohla tsatsi leo
ba tla re ho Jerusalema:
“Wena Sione, o se ke be wa tshaba,
matsoho a hao a fele a tiye!
17Morena Modimo wa hao,
o na le wena,
ke senatlahadi se tla o lwanela.
O tla o thabela ka nyakallo,
a o rate ka lerato la sebele,
a howeletse,
a o hlabele medidietsane,
a e hlabe
sa mohla tsatsi la mokete.”
18“Ke tla phutha
ba neng ba llela mekete,
ba llela mekete e halalelang,
e leng ba neng ba le hole,
hole le wena,
ba neng ba jere sekgobo sa hao.
19Mohla tsatsi leo ke tla otla,
ke otle bohle ba o hateletseng;
ke tla pholosa ba holofetseng,
ke phuthe ba neng ba qhalakane.
Hohle moo ba neng
ba tlontlolotswe teng,
thabo le tlotla di tla ba aparela.
20Mohla tsatsi leo
ke tla le kgobokanya,
ke le kgobokanye, le kgutlele hae.
Thabo le tlotla di tla le aparela,
le le hara tjhaba tsohle tsa lefatshe,
mohla ke le kgutlisetsang
ha habo lona,
ke le kgutlisa le ntse le tadimile,”
ho rialo Morena.

Currently Selected:

SOFONEA 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy