YouVersion Logo
Search Icon

SAKARIYA 11

11
Matla a bahatelli a tla fela
1Wena Lebanone,
bula menyako ya hao,
mollo o tlo tjhese kedare tsa hao!
2Wena fate sa phaena, bokolla,
o lle hobane kedare e robehile,
difate tse bohehang di suhlamane!
Lona eike tsa Bashane bokollang
hobane moru o opaneng
o kgethutswe!
3Utlwang ha badisa ba bokolla,
ba bokolla
hoba makgulo a senyehile!
Utlwang ditawana ha di puruma;
meru e opaneng ya Jorodane
e senyehile!
Badisa ba babedi
4Morena Modimo wa ka, o bua tjena: “Alosa mohlape o tla hlajwa. 5Ba o rekang ba a o hlaba, ebe ba re ha ba na molato. Ba o rekisang, bona ba re: ‘Ho bokwe Morena, jwale re barui!’ Badisa ba wona le bona ha ba o qenehele. 6Nke ke ka hlola ke hauhela baahi ba lefatshe,” ho rialo Morena. “Ke tla neelana ka e mong le e mong ho ya ahisaneng le yena, le ho kgosi ya hae. Ha naha e hatakelwa, ha nka ke ka e namolela matsohong a bona.”
7Kahoo ke ile ka alosa mohlape o tla hlajwa, haholoholo o neng o tlatlapuwa. Ka nka melamu e mmedi: O mong ka re ke Mohau, o mong ka re ke Kutlwano; yaba ke alosa mohlape jwalo. 8Ka kgwedi e le nngwe ka bolaya badisa ba bararo, hobane ba ne ba ntenne, ba se ba ntlhoile. 9Yaba ke bua ho mohlape, ke re: “Ha nka ke ka hlola ke le alosa. Tse tlamehang ho shwa di shwe; tse timetswang di timetswe; tse salang tsona di jane.”
10Yaba ke nka molamu wa ka o bitswang Mohau, ke o roba dikoto tse pedi; ka mokgwa o jwalo ka fedisa selekane seo Morena a neng a se entse le ditjhaba tsohle. 11Sa fediswa hona mohla tsatsi leo, mme bahwebi ba neng ba ntadimile ba utlwisisa hore tsena tsohle ke tse builweng ke Morena.
12Yaba ke re ho bona: “Haeba le bona ho lokile, ntefeng moputso wa ka; ho seng jwalo le itjelle wona.” Yaba ba ntefa moputso wa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo.
13Morena a bua ho nna, a re: “Di akgelle sebopi sa dipitsa!” Ka nka ditjhelete tseo tsa silefera tse mashome a mararo, e leng moputso o moholo, oo ba neng ba re o a ntokela, ka di akgella sebopi sa dipitsa ka Tempeleng ya Morena.
14Jwale ka roba molamu wa ka wa bobedi, o bitswang Kutlwano; ka mokgwa o jwalo ka fedisa selekane se pakeng tsa Juda le Iseraele.
15Yaba Morena o re ho nna: “O boele o nke melangwana ya modisa ya sethoto. 16Ke tla boela ke bea modisa e mong naheng ena. Yena ha a ka ke a tsotella tse lahlehileng, kapa a batla dikonyana, kapa a phekola tse robehileng, kapa a fepa tse phelang hantle. O tla itjella dinku tse nonneng, a ba kokone le dikgolana tsa tsona.
17“Ho madimabe
modisa wa ka ya sethoto,
modisa ya siyang mohlape,
a o siye swalabahla!
Sabole e ke e mo hlathe letsoho,
e ntshe kgodu
ihlong le letona la hae!
Letsoho la hae le ke le omelle,
ihlo la hae le letona
le foufalle ruri!”

Currently Selected:

SAKARIYA 11: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy