YouVersion Logo
Search Icon

RUTHE 4

4
Boase o nyala Ruthe
1Boase a ya kgorong ya motse, a dula teng. Mong ka yena, eo Boase a ileng a bua ka yena, a fihla. Boase a re ho yena: “He monna, ako fapohele le kwano, o dule mona pela ka.” Eo a tla, a dula fatshe. 2Boase a bitsa baholo ba leshome ba motse oo, mme a re ho bona: “Dulang mona.” Yaba ba a dula. 3Jwale Boase a re ho monna ya tswalanang le yena: “Naomi ya kgutlileng naheng ya Moabe, o rekisa naha eo e neng e le ya ngwanabo rona, Elimeleke. 4Ke fumane ho le molemo hore ke o bolelle taba ena, ke re: ‘Reka naha eo moo setjhaba sa heso le baholo ba sona ba leng teng. Haeba o e lopolla, e lopolle; le teng ha o sa e lopolle, mpolelle, e le hore ke tsebe, hobane ha ho e mong ya ka e lopollang haese wena, kapa nna, hobane ke a o hlahlama.’ ”
Monna eo a re: “Ke tla e lopolla.”
5Empa Boase a tswela pele, a re: “Mohla o rekang naha ena ho Naomi, o tla e rekella le Ruthe wa Moabe, e leng mosadi wa mofu, e le hore o tsose lebitso la mofu naheng eo a e jeleng lefa.”
6Yaba eo mong ka yena o re: “Haeba ho tjena, nke ke ka e lopolla, esere ka senya lefa leo e leng la ka. Kaha nke ke ka e lopolla, wena itopollele yona.”
7Mehleng ya pele e ne e le moetlo wa Baiseraele, hore ditabeng tsa ho lopolla kapa tsa ho ananya, motho a role moqathatso wa hae, a o nee eo ba rekisetsanang le yena. Ona e ne e le wona mokgwa wa ho etsa bopaki ho Baiseraele. 8Ka baka leo, eo mong ka yena a re ho Boase: “Wena, ithekele yona.” Yaba o rola moqathatso wa hae.
9Boase a re ho baholo le ho setjhaba sohle: “Kajeno le dipaki tsa hore ke rekile ho Naomi tsohle tseo e neng e le tsa Elimeleke, le tsa Kilejone, le tsa Mahelone. 10Le bile le dipaki hore ke reka le Ruthe wa Moabe, mohlolohadi wa Mahelone, hore e be mosadi wa ka, ke tle ke tsose lebitso la mofu naheng eo a e jeleng lefa, e le hore lebitso la mofu le se ke la fela hara bana babo, le motseng wa habo.”
11Batho bohle ba neng ba le kgorong ya motse, ba re: “Re dipaki!”
Baholo ba re: “Morena a ke a etse hore mosadi enwa ya tla kena ka tlung ya hao, a ke a be jwaloka Ragele le Lea, ba neng ba tswalle Iseraele bana. O ke o atlehe Eferata, mme o tume Betlelehema. 12Bana bao Morena a tla o fa bona ka mosadi enwa, ba ke ba be jwaloka bana ba Perese, bao Tamare a neng a ba tswalle Juda.”
Boase le ditloholo tsa hae
13Boase a nka Ruthe ya eba mosadi wa hae. Boase a kena dikobong tsa hae, Ruthe ya eba moimana, mme a tswala mora. 14Basadi ba re ho Naomi: “Kajeno ho bokwe Morena, ya sa kang a o tlohela o se na mojalefa. Moshanyana enwa a ke a tume naheng ya Iseraele. 15O tla o tshedisa, a o fepe dilemong tsa botsofadi ba hao. Ngwetsi ya hao e o rata haholo, mme e molemo ho wena ho feta bara ba supileng.” 16Naomi a sika lesea, mme ya eba yena mohodisi wa lona.
17Basadi ba ahisaneng le Naomi ba rea moshanyana lebitso, ba re: “Naomi o tswaletswe mora,” mme ba mo rea lebitso la Obede. Ke yena ntata Jese, ya tswetseng Davida.
Leloko la Davida
18Tsena ke ditloholo tsa Perese: Perese a tswala Heserone; 19Heserone a tswala Rama; Rama a tswala Aminadabe; 20Aminadabe a tswala Naheshone; Naheshone a tswala Salemone; 21Salemone a tswala Boase; Boase a tswala Obede; 22Obede a tswala Jese, mme Jese a tswala Davida.

Currently Selected:

RUTHE 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy