YouVersion Logo
Search Icon

BAROMA 4

4
Mohlala wa Aborahama
1Jwale re tla botsa, re re: Na Aborahama, moholoholo wa rona, o iphumanetse eng ka boyena? 2Haeba Aborahama a lokafaditswe ka baka la diketso tsa hae, o na le seo a ka ithorisang ka sona, empa a ke ke a ithorisa pela Modimo. 3Ana Mangolo a reng? A re: “Aborahama o ile a dumela ho Modimo, mme hoo a ho ballwa e le ho loka.”
4Ha motho a sebeditse, moputso wa hae ha o balwe e le mpho, empa o balwa e le seo a se sebeleditseng. 5Empa ya sa sebetseng, a mpa a dumela ho ya lokafatsang ya kgopo, o ballwa tumelo ya hae e le ho loka. 6Le yena Davida o bua ka lehlohonolo la motho eo Modimo a mmallang ho loka a sa re letho ka diketso tsa hae, ha a re:
7“Ho lehlohonolo
ba tshwaretsweng ditlolo tsa bona,
le bao dibe tsa bona di hlakotsweng;
8ho lehlohonolo motho
eo Morena a sa tlo mmalla sebe.”
9Ebe lehlohonolo lee ke la ba bolotseng feela, kapa le la maqai? Re re: “Aborahama o ile a ballwa tumelo ya hae e le ho loka.” 10Jwale o ile a e ballwa neng? A se a bolotse kapa e sa le leqai? A eso bolle, e sa le leqai. 11Hamorao a amohela letshwao la lebollo ho paka ho loka ha hae, hoo a ho fihletseng ka tumelo a eso bolle. Kahoo ya eba ntata bohle ba dumelang leha ba sa bolla, hore ba tle ba ballwe ho loka. 12Hape ke ntata ba bolotseng, e seng feela hobane ba bolotse, empa e le hobane ba latela mehlala ya tumelo eo ntata rona Aborahama a bileng le yona a eso bolle.
Tshepiso ya Modimo e phethahala ho ya dumelang
13Tshepiso ya hore Aborahama e tla ba mojalefa wa lefatshe ha e a ka ya etsetswa yena, kapa ditloholo tsa hae, ka baka la Molao, empa ka baka la ho loka ho tswang tumelong. 14Ha majalefa e le majalefa ka baka la Molao, tumelo e fetoha lefeela, mme tshepiso ha e sa na thuso, 15hobane Molao o tlisa kgalefo ya Modimo; athe moo ho se nang molao, tlolo ya molao ha e yo.
16Ka baka leo, majalefa ke majalefa ka baka la tumelo, e le hore ka mohau wa Modimo tshepiso e tle e akareletse le ditloholo tsohle tsa Aborahama, e seng feela tse tlasa Molao wa Moshe, empa e leng tse nang le tumelo e kang ya Aborahama, ntata rona bohle, 17jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke o entse ntata ditjhaba tse ngata.” Ke ntata rona pela Modimo eo a dumetseng ho yena, ya tsosang bafu, le ya laelang tse siyo jwaloka hoja di le teng.
18Leha lebaka la ho tshepa le ne le le siyo, Aborahama o ile a dumela ka tshepo hore e tla ba ntata ditjhaba tse ngata, ho ya ka se boletsweng, ha ho thwe: “Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo.” 19Ha a a ka a fokola tumelong, ha a nahana hore e se e le mobu, kaha a ne a le dilemo tse ka bang lekgolo, le hore Sara a ke ke a hlola a pepa. 20Ha a a ka a belaela tshepiso ya Modimo ka ho se dumele, empa a matlafatswa ke tumelo, a tlotlisa Modimo. 21O ne a kgodisehile ka botlalo hore seo Modimo a mo tshepisitseng sona o na le matla a ho se etsa. 22Ka baka leo, hona a ho ballwa e le ho loka. 23Jwale, hore tumelo o e baletswe e le ho loka, ha ho a ngolwa ka baka la Aborahama feela, 24empa ho ngotswe ka baka la rona, ba seng ba tla e ballwa, ba dumelang ho ya tsositseng Jesu, Morena wa rona, bafung, 25ya ileng a neelwa lefu ka baka la dibe tsa rona, mme a tsoswa hore re tle re lokafatswe.

Currently Selected:

BAROMA 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy