YouVersion Logo
Search Icon

BAROMA 3

3
1Ha ho le jwalo, Mojuda o feta moditjhaba ka eng? Ka tse ngata. Kapa molemo wa lebollo ke ofe? 2E mengata. Haholoholo ke hobane Bajuda ba tshepetswe ho boloka dipolelo tsa Modimo.
3Jwale haeba ba bang ba sa ka ba tshepahala, na ho se tshepahale hoo ha bona ho ka fedisa ho tshepahala ha Modimo? 4Le kgale! Batho bohle ba leshano, athe Modimo o na le nnete, jwalokaha ho ngotswe ka yena, ho thwe:
“O tla fumanwa o lokile
dipolelong tsa hao,
o tla hlola nyewe ha o qoswa.”
5Empa ha ho se loke ha rona ho totobatsa ho loka ha Modimo, re tla reng? Na Modimo ha a na toka ha a re otla? Ke bua ka mokgwa wa batho. 6Le kgale! Ho seng jwalo, Modimo a ka ahlola lefatshe jwang? 7Empa haeba ka leshano la ka, nnete ya Modimo e bonahala ho feta, mme hona ho mo tlotlisa, ke ka baka lang ha ke ntse ke ahlolwa jwaloka moetsadibe? 8Na ha ho molemo hore re etse bobe, e le hore tse molemo di tle di hlahe, jwalokaha ba bang ba re etseletsa, ka ho re re rialo? Bona ba lokelwa ke kahlolo.
Ha ho ya lokileng
9Jwale? Na re feta ba bang? Le hanyenyane! Re se re bontshitse hore Bajuda le baditjhaba, bohle ba matleng a sebe, 10jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:
“Ha ho le ya mong ya lokileng,
11ha ho ya utlwisisang,
ha ho ya batlang Modimo;
12bohle ba kgelohile,
kaofela ha ba na thuso;
ha ho ya etsang ho lokileng,
leha a le mong.
13Mmetso ya bona ke lebitla
le ahlamileng,
ba bolela leshano
ka maleme a bona,
mahloko a marabe
a tswa melomong ya bona,
14lehano la bona le tletse mahlapa
le tse babang;
15maoto a bona a bobebe
ha ba ya tsholla madi,
16tshenyeho le bosoto
di mehlaleng ya bona,
17mme tsela e isang kgotsong,
ha ba e tsebe.
18Ho tshaba Modimo,
ha ho yo ho bona.”
19Jwale re tseba hore tsohle tseo Molao wa Moshe o di bolelang, o di bolella ba leng tlasa Molao oo, hore ho se be ya ka itatolang, mme lefatshe lohle le tle le be tlasa kahlolo ya Modimo. 20Ka baka leo, ha ho motho ya ka lokafatswang pela Modimo ka ho phetha Molao, hobane ke ka Molao re nang le tsebo e tletseng ya sebe.
Modimo o lokafatsa ya dumelang
21Empa jwale ho lokafatswa ke Modimo ho bonahaditswe e le ho sa itshetleheng ka Molao; hona ho pakwa ke Molao le Baporofeta. 22Ke ka ho dumela ho Jesu Kreste, Modimo a lokafatsang bohle ba dumelang, ho se kgethollo. 23Bohle ke baetsadibe, ba ikamohile tlotla ya Modimo. 24Empa ba lokafatswa feela ka mohau wa hae, ka ho lopollwa ke Kreste Jesu. 25Ke yena eo Modimo a mo kgethileng hore ka madi a hae a tsholohileng, dibe tsa batho di lefellwe, ha ba ena le tumelo. Modimo o bontshitse ho loka ha hae ka ho iphapanyetsa dibe tsa mehla e fetileng, 26nakong ya mamello ya hae. Le nakong ya jwale o sa bontsha ho loka ha hae; o bontsha hore yena o lokile, mme o lokafatsa ya dumelang ho Jesu.
27Ha ho le jwalo, ho ka ithorisetswang? Le letho! Ka eng? Na ke ka diketso? Tjhe, ke ka tumelo. 28Re dumela hore motho o lokafatswa ka tumelo, e seng ka ho phetha Molao. 29Kapa Modimo ke wa Bajuda feela? Na hase le wa baditjhaba? E, baditjhaba le bona ke wa bona, 30kaha Modimo o mong feela ya tla lokafatsa Bajuda ka tumelo, le baditjhaba ka tumelo. 31Ha ho le jwalo, na ka tumelo ee re etsolla Molao? Le kgale, re mpa re tiisa Molao oo.

Currently Selected:

BAROMA 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy