YouVersion Logo
Search Icon

BAROMA 2

2
Kahlolo e lokileng ya Modimo
1Ka baka leo, wena motho ya ahlolang, leha o ka ba mang kapa mang, o hloka boitatolo, hobane ka ho ahlola ba bang, o a ikahlola, kaha wena ya ahlolang o ntse o etsa tsona tseo. 2Re tseba hore Modimo o ahlola ka nepo ba etsang tse jwalo. 3Jwale wena motho ya ahlolang ba bang ba etsang tse jwalo, empa o ntse o di etsa, na o hopola hore o tla phonyoha kahlolong ya Modimo? 4Kapa o nyedisa boholo ba mosa wa hae, le ba boiphapanyo ba hae, le ba mamello ya hae, hobane o sa tsebe hore mosa wa Modimo o o isa pakong?
5Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng. 6Modimo o tla putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae. 7Ba batlang tlotla le hlompho le ho se shwe, ka ho tiisetsa ho etsa tse lokileng, o tla ba nea bophelo bo sa feleng. 8Empa ba ithatang bobona, ba sa lateleng nnete, ba mpang ba latela bokgopo, ba tla putswa ka kgalefo le bohale. 9Matshwenyeho le mahlomola a tla tlela motho ka mong ya etsang bobe, Mojuda pele, le yena moditjhaba. 10Empa tlotla, le hlompho, le kgotso e tla ba tsa e mong le e mong ya etsang tse lokileng, Mojuda pele, le yena moditjhaba. 11Modimo ha a ye ka tshobotsi.
12Bohle ba sitilweng ba sa tsebe Molao wa Moshe, ba tla timela ba ntse ba sa tsebe Molao oo, empa bohle ba sitilweng ba ntse ba tseba Molao wa Moshe, ba tla ahlolwa ka Molao oo. 13Ba lokileng pela Modimo hase ba utlwang Molao ka ditsebe feela, empa ba phethang Molao ke bona ba tla lokafatswa. 14Ha baditjhaba ba sa tsebeng Molao wa Moshe, ba phetha ditaelo tsa Molao ka bobona, bona bao ba sa tsebeng Molao wa Moshe, molao wa bona ke bona ka sebele. 15Ba bontsha hore mesebetsi ya Molao e ngotswe dipelong tsa bona; matswalo a bona a ntse a ba pakela, ha mehopolo ya bona e ba qosa kapa e ba emela. 16Ho ya ka molaetsa o molemo, oo ke o bolelang, ho tla ba jwalo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a ahlolang diphiri tsa batho ka Jesu Kreste.
Bajuda le Molao
17Jwale wena ya bitswang Mojuda, o tshepile Molao, o ithorisa ka Modimo, 18o tseba thato ya hae, o tseba ho kgetha tse fetisang ka bohlokwa, kaha o rutilwe Molao. 19O ikgodisitse hore o motsamaisi wa difofu, lesedi la ba lefifing, 20morupedi wa dithoto, moruti wa ba esong ho be le kutlwisiso, le hore o fumane tsebo le nnete yohle Molaong. 21Wena ya rutang ba bang, na o a ithuta? Wena ya bolelang hore ho se ke ha utsuwa, na ha o utswe? 22Wena o reng ho se ke ha fejwa, na ha o febe? Wena ya nyonyang medimo ya bohata, na ha u utswe tsa ditempele? 23Wena ya ithorisang ka Molao, na ha o hlompholle Modimo ka ho tlola Molao oo? 24Lebitso la Modimo le nyefolwa hara ditjhaba ka baka la lona, jwalokaha ho ngotswe.
25Efela lebollo le na le thuso ha o boloka Molao, empa ha o itlwaeditse ho tlola Molao, ho bolla ha hao ho tshwana le boqai. 26Ha leqai le boloka ditaelo tsa Molao, na leqai leo le ke ke la nkwa le bolotse? 27Ha leqai leo le phetha Molao, le tla o ahlola, wena ya itlwaeditseng ho tlola Molao, leha o ntse o ena le buka ya Molao, mme o bile o bolotse.
28Hantlentle Mojuda wa nnete hase eo e leng yena ka tshobotsi, esita le lebollo la nnete hase letshwao le ka bonwang nameng, 29empa Mojuda wa nnete ke eo e leng yena ka pelong, le lebollo la nnete ke la pelo. Lona ke mosebetsi wa Moya o Halalelang, e seng taba ya buka ya Molao feela. Thoriso ya hae e tswa ho Modimo, e seng ho batho.

Currently Selected:

BAROMA 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy