YouVersion Logo
Search Icon

BAROMA 16

16
Ditumediso
1Kgaitsedi ya rona Foibe, eo e leng mosebeletsi wa kereke e Kenkeria, ke mmea paballong ya lona. 2Le mo amohele ka mokgwa o lokelang badumedi, hobane ke wa Morena. Le mo thuse tabeng efe le efe eo a ka hlokang thuso ya lona ho yona, hobane le yena o thusitse ba bangata, esita le nna ka sebele.
3Ntumedisetseng Priseka le Akulase, bao re sebeletsang Kreste Jesu mmoho le bona, 4ba ileng ba ipea kotsing ya lefu ka baka la ka. Ke a ba leboha, e seng nna feela, empa le tsona dikereke tsohle tsa baditjhaba. 5Dumedisang le kereke e phuthehelang ha bona. Dumedisang motswalle wa ka Epainetose, eo e bileng wa pele naheng ya Asia ho ineela ho Kreste. 6Dumedisang Maria, ya le sebeleditseng haholo. 7Dumedisang Anaderonikose le Junia, bahaeso ba bileng ditlamong mmoho le nna, ba tumileng hara baapostola, mme ba ineetseng ho Kreste pele ho nna. 8Dumedisang Ampelease, motswalle wa ka Moreneng. 9Dumedisang Urebanose, eo re sebeletsang Kreste mmoho le yena, le motswalle wa ka Setakuse. 10Dumedisang Apelese, ya bontshitseng botshepehi ba hae ho Kreste. Dumedisang ba lelapa la Arisetobulose. 11Dumedisang mohaeso Herodione. Dumedisang ba lelapa la Narekisose, hobane ke ba Morena. 12Dumedisang Terufaina le Terufosa, ba sebeletsang Morena haholo. Dumedisang motswalle Peresise, ya sebeleditseng Morena haholo. 13Dumedisang Rufose, mokgethwa wa Morena, le mmae, eo le nna e leng mme. 14Dumedisang Asunkiritose, Felegone, Heremese, Patarobase, Heremase, le bana babo rona bohle ba nang le bona. 15Dumedisang Filologose le Julia, Nereuse le kgaitsedi ya hae, le Olompase, le badumedi bohle ba nang le bona. 16Dumedisanang ka kako e halalelang. Dikereke tsohle tsa Kreste di a le dumedisa.
17Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe 18hobane ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Kreste, empa ba sebeletsa dimpa tsa bona. Ka dipuo tse monate, tse qekang, ba thetsa dipelo tsa ba se nang bobe. 19Ho mamela ha lona ho tsejwa ke bohle; ka baka leo, ke a le thabela, mme ke lakatsa hore le be bohlale ho tse lokileng, le se ikamahanye le tse mpe.
20Modimo ya re fang kgotso o tla etsa hore le ripitle Satane kapelepele.
Mohau wa Morena wa rona Jesu o ke o be le lona.
21Timothea, eo re sebetsang mmoho le yena, o a le dumedisa; le bahaeso bo-Losiase, le Jasone, le Sosipaterose, ba a le dumedisa.
22Le nna Teretiose, ya ngotseng lengolo lena, ke a le dumedisa Moreneng.
23Gaiose, eo ke leng moeti wa hae, eo le kereke yohle e phuthehelang ha hae, o a le dumedisa.
Erasetose, ramatlotlo wa motse, le ngwanabo rona Kuaretose, ba a le dumedisa. 24Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona bohle. A ho be jwalo!
Paulosi o tlotlisa Modimo
25Ho tlotliswe ya nang le matla a ho le tiisa ka molaetsa o molemo wa ka, le ka thuto ya Jesu Kreste, le ka tshenolo ya sephiri se neng se patehile ho tloha tshimolohong, 26empa jwale se senotswe ka Mangolo a boporofeta ho ya ka taelo ya Modimo ya sa feleng, se tsebisitswe ditjhaba tsohle, hore di tle di be le mamelo e tswang tumelong. 27Tlotla e ke e iswe, ka Jesu Kreste, ho Modimo ya bohlale a inotshi, kamehla le mehla. A ho be jwalo!

Currently Selected:

BAROMA 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy