YouVersion Logo
Search Icon

BAROMA 15

15
Se ikgahlise, kgahlisa wa heno
1Rona ba matla tumelong, re tshwanetse ho jarela ba fokolang mefokolo ya bona e seng ho ikgahlisa. 2E mong le e mong wa rona a kgahlise wa habo ka tse isang botleng, ho mo matlafatsa tumelong. 3Le Kreste ha a a ka a ikgahlisa, empa ho bile jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:
“Dinyefolo tsa ba o nyefolang,
le nna di nkwetse hodimo.”
4Tsohle tse ngotsweng kgale di ngoletswe ho re ruta, hore ka ho mamella le ho tshediswa ho fumanwang Mangolong, re tle re be le tshepo.
5Jwale Modimo ya re fang mamello le matshediso a ke a le nee maikutlo a le mang ho ya ka thato ya Kreste Jesu, 6e le hore le tle le tlotlise Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, le le pelonngwe le ntsweleng.
Molaetsa o molemo ke wa Bajuda le baditjhaba
7Ka baka leo, amohelanang, jwalokaha Kreste le yena a le amohetse tlotlisong ya Modimo. 8Ke a le bolella, ke re, Kreste e bile mosebeletsi wa Bajuda ho bontsha hore Modimo o na le nnete, hore a tiise ditshepiso tse etseditsweng bo-ntata rona, 9mme baditjhaba ba tle ba tlotlise Modimo ka baka la mohau wa hae, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:
“Ka baka leo,
ke tla o boka hara baditjhaba,
ke roke lebitso la hao.”
10Hape ho thwe:
“Nyakallang, lona baditjhaba,
mmoho le setjhaba sa hae.”
11Ho bile ho thwe:
“Rorisang Morena,
lona baditjhaba bohle,
mo tlotliseng,
lona merabe yohle.”
12Esaya le yena o re:
“Ho tla tla setloholo sa Jese,
se tla bewa ho busa baditjhaba,
mme baditjhaba ba tla se tshepa.”
13Jwale Modimo ya re fang tshepo a ke a le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso ka baka la ho dumelo ho yena, hore le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.
Boromuwa ba Paulosi
14Bana beso, nna ke kgodisehile hore lona le molemo, le na le tsebo yohle le matla a ho eletsana. 15Empa dikarolong tse ding ke le ngoletse ke sa tshabe ho le hopotsa ditaba tse ding, ka baka la mohau oo ke o neilweng ke Modimo, 16wa hore ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu hara baditjhaba. Ka ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo ke phetha mosebetsi wa boprista, hore baditjhaba e tle e be nyehelo e amohelehang ho Modimo, e halaleditsweng ke Moya o Halalelang.
17Ka baka leo, nka ithorisa ka Kreste Jesu tshebeletsong ya Modimo. 18Nke ke ka ba sebete ho bua ka letho haese ka tseo Kreste a di sebeditseng ka nna, ka dipolelo le ka diketso, hore baditjhaba ba mamele Modimo. 19Tsena di tlile ka matla a mehlolo le a dimakatso, ka matla a Moya wa Modimo. Ka tsela eo ke phatlaladitse molaetsa o molemo wa Kreste ka botlalo, ho tloha Jerusalema, ke potoloha, ke ya fihla Ilorikone. 20Leha ho le jwalo, ke ile ka pheella ho bolela molaetsa o molemo moo lebitso la Kreste le esong ho bolelwe teng, hore ke se ke ka haha hodima motheo wa e mong, 21empa e le jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:
“Ba tla be ba bona
seo ba esong ho se bolellwe;
seo ba esong ho se utlwe
ba tla se utlwisisa.”
Morero wa Paulosi wa ho etela Roma
22Ke lona lebaka le nthibetseng hangata ho le etela. 23Empa jwale ke phethile mosebetsi wa ka dibakeng tsena, mme erekaha e se e le dilemo tse ngata ke ntse ke lakatsa ho le etela, 24ke tshepile ho le bona ha ke etela Sepania, le tle le nthuse ho ya teng, ha ke se ke ithabisitse ka ho ba le lona nako e itseng. 25Hona jwale ke sa ya Jerusalema ho ya sebeletsa badumedi ba teng, 26hobane ba Masedonia le ba Akaya ba ikemiseditse ho kenya letsoho thusong e etsetswang badumedi ba futsanehileng ba Jerusalema. 27Ba ikemiseditse ho etsa jwalo, etswe ba ne ba tlamehile ho etsa jwalo, hobane ha Bajuda ba ile ba arolelana tsa moya le baditjhaba, eka kgona le baditjhaba ba sebeletse Bajuda ka tsa lefatshe lena. 28Ha ke se ke phethile hona, mme ke ba neile koleke eo, ke tla tla feta le ho lona, ha ke eya Sepania. 29Ke a tseba hore, mohla ke le etelang, ke tla tla ka mahlohonolo wohle a Kreste.
30Bana beso, ka Morena wa rona Jesu Kreste le ka lerato la Moya, ke a le rapela hore le nthuse ka ho nthapella ho Modimo, 31hore ke tle ke sireletswe ho ba sa dumeleng, ba Judea, mme dithuso tseo ke di isang Jerusalema di tle di amohelehe ho badumedi. 32Ha ho ka ba jwalo, ke tla le etela ke thabile, ke kgatholohe le lona, ha Modimo a rata. 33Jwale Modimo ya re fang kgotso a ke a be le lona bohle. A ho be jwalo!

Currently Selected:

BAROMA 15: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy