YouVersion Logo
Search Icon

BAROMA 14

14
O se ke wa ahlola ngwaneno
1Motho ya fokolang tumelong le mo amohele, empa le se ke la phea kgang le yena ka tsa maikutlo a hae. 2E mong, ka tumelo ya hae, o ja dijo tsohle; e mong, ka ho fokola ha tumelo ya hae, o ja meroho feela. 3Ya jang tsohle a se ke a nyedisa ya sa jeng tsohle, le ya sa di jeng a se ke a ahlola ya di jang, hobane le yena eo Modimo o mo amohetse. 4Wena o mang o ahlolang mohlanka eo e seng wa hao? Ho tiisetsa kapa ho wa ha hae, ke taba ya monga hae. O tla fela a tiisetse, hobane Morena o na le matla a ho mo tiisa.
5E mong o hopola hore letsatsi le leng ke la bohlokwa ho feta le leng; e mong o hopola hore matsatsi wohle a a tshwana. Tabataba ke hore e mong le e mong a kgodisehe ka ho tlala hore o nepile. 6Ya hlomphang letsatsi le itseng o le hlomphela Morena; ya jang tsohle o di jela Morena, hobane o leboha Modimo. Ya sa jeng tsohle ha a di jele Morena, mme le yena e leboha Modimo. 7Ha ho le ya mong wa rona ya iphelelang, mme ha ho ya itjhwellang, 8hobane ha re phela, re phelela Morena; leha re eshwa, re shwela Morena. Ka baka leo, leha re phela, kapa re eshwa, re ba Morena.
9Kreste o ile a shwa, a ba a tsoha bafung ka lebaka lona lena: hore e tle e be Morena wa ba shweleng le wa ba phelang. 10Jwale wena o ahlolelang ngwaneno? Wena o nyedisetsang ngwaneno? Bohle le tla ema kapele ho setulo sa kahlolo sa Modimo, 11hobane ho ngotswe, ho thwe:
“Ke hlapanya ka nna,
ho rialo Morena,
mangwele wohle
a tla nkgumamela,
mme maleme wohle
a tla tlotlisa Modimo.”
12Ka baka leo, e mong le e mong wa rona o tla ikarabella ho Modimo.
O se ke wa kgelosa ngwaneno
13Ha ho le jwalo, re se hlole re ahlolana; le mpe le ikemisetse hore le se ke la kgelosa kapa la dihela ngwanabo lona sebeng. 14Ke le wa Morena Jesu, ke a tseba, mme ke kgodisehile hore ha ho ntho e ilehang ka boyona, empa ho ya reng ntho e a ileha, ke ho yena feela e ilehang. 15Ha o swabisa ngwaneno ka dijo tsa hao, ha o sa sebetsa ka lerato. Ka dijo tsa hao, o se ke wa timetsa eo Kreste a mo shwetseng. 16Ka baka leo, seo le reng se molemo ho lona, le se ke la etsa hore se nyefolwe. 17Mmuso wa Modimo hase taba ya dijo le dino, empa ke taba ya ho loka, ya ho ba le kgotso, le ya ho thabiswa ke Moya o Halalelang. 18Ya sebeletsang Kreste ka tsena o kgahlisa Modimo, mme o hlomphuwa ke batho.
19Jwale a re habeng tsa kgotso le tsa ho matlafatsana. 20O se ke wa senya mosebetsi wa Modimo ka taba ya dijo. Ke nnete, tsohle di hlwekile, empa di mpe ho motho ya di jelang ho kgelosa. 21Ho molemo ho se je nama, kapa ho se nwe veine, kapa ho se etse letho le leng le ka kgelosang ngwaneno.
22Tumelo eo o nang le yona tabeng ya dijo, e tsejwe ke wena le Modimo feela. Ho lehlohonolo motho eo letswalo la hae le sa mo ahloleleng seo a reng se lokile. 23Empa ya belaelang ha a eja, o ahlotswe, hobane ha a je ho ya ka tumelo ya hae. Tsohle tseo motho a di etsang ntle ho tumelo e jwalo, ke sebe.

Currently Selected:

BAROMA 14: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy