YouVersion Logo
Search Icon

BAROMA 13

13
Ho ikokobeletswe babusi
1Motho ka mong a ikokobeletse borena bo mo okametseng, hobane ha ho borena haese bo tswang ho Modimo, mme bo leng teng bo beilwe ke Modimo. 2Ka hona ya hanyetsang borena, o hanyetsa se beilweng ke Modimo, mme ba se hanyetsang ba tla ahlolwa. 3Babusi ba ke ke ba tshajwa ke ba etsang tse ntle, empa ba tshajwa ke ba etsang tse mpe. Ha u sa rate ho tshaba ya busang, etsa tse ntle, mme o tla o rorisa, 4hobane ke mohlanka wa Modimo, ya o isang botleng. Empa ha o etsa tse mpe, o tshabe, hobane sabole ha a e tshwarele bosawana. Ke mohlanka wa Modimo, ya bonahatsang kgalefo ya Modimo ka ho otla ba etsang tse mpe. 5Ka baka leo, ke tshwanelo hore le ikokobetse, e seng feela ka baka la ho tshaba kgalefo, empa le ka baka la letswalo.
6Ebile ke kahoo le ntshang lekgetho, hobane babusi ke bahlanka ba Modimo ba phethang mosebetsi wona oo ka hloko. 7Neang bohle tse ba lokelang: molekgetho, lekgetho; mokgafisi, kgafa; ya lokelwang ke tshabo, tshabo; ya lokelwang ke hlompho, hlompho.
Ratanang
8Le se ke la ba le molato wa letho ho motho, haese wa ho ratana, hobane ya ratang wa habo o phethile Molao ka ho tlala. 9Efela ditaelo tse reng: “O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa lakatsa,” leha e le taelo e nngwe e ka bang teng, tsohle di akareditswe ka taelo ena e reng: “Rata wa heno jwalokaha o ithata.” 10Ya ratang wa habo ha a mo etse hampe; kahoo ho ba le lerato ke ho phetha Molao ka ho tlala.
Letsatsi la Kreste le a atamela
11Etsang jwalo, ka ho tseba hore nako e fihlile. E se e le nako ya hore le tsohe borokong, hobane kajeno ho pholoswa ho haufi le rona ho feta mohla re qalang ho dumela. 12Bosiu bo se bo tla sa, letsatsi le haufi le ho tjhaba. Ka hona a re lahleng mesebetsi ya lefifi, re apare dihlomo tsa lesedi. 13A re pheleng ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha e ka ke motsheare, e seng ka bonyollo le ka botahwa, e seng ka bohlola le ka diketso tse manyala, e seng ka dikgang le ka mohono. 14Empa le apare tsa Morena Jesu Kreste, mme le kgaotse ho kgotsofatsa ditakatso tsa botho.

Currently Selected:

BAROMA 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy