YouVersion Logo
Search Icon

TSHENOLO 5

5
Buka le Konyana
1Ka letsohong le letona la ya dutseng teroneng, ka bona buka e ngotsweng kamahohle, e bitietsweng ka dibitielo tse supileng. 2Ka ba ka bona lengeloi le matla, le phatlalatsang ka lentswe le phahameng, le re: “Ke mang ya lokelang ho phetla buka le ho kgomarolla dibitielo tsa yona?” 3Empa ho ne ho se motho lehodimong, kapa lefatsheng, kapa botebong ba lefatshe, ya ka phetlang buka, leha e le ho e bala. 4Yaba ke lla habohloko, hobane ho sa ka ha fumanwa ya lokelang ho phetla buka, leha e le ho e bala. 5Empa e mong wa baholo a re ho nna: “O se ke wa lla. Bona, Tau ya leloko la Juda, Lehlomela la Davida, o hlotse. O tla phetla buka le ho kgomarolla dibitielo tse supileng tsa yona.”
6Jwale ka bona Konyana e emeng bohareng ba terone, e teetswe hare ke dibopuwa tse nne tse phelang, le ke baholo. Konyana e ne e bonahala eka e hlabilwe. E ne e ena le dinaka tse supileng le mahlo a supileng, e leng meya e supileng ya Modimo, e rometsweng lefatsheng lohle.
7Konyana ya tla, ya nka buka e letsohong le letona la ya dutseng teroneng. 8Eitse ha e nka buka, dibopuwa tse nne tse phelang, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba itihela fatshe kapele ho Konyana. E mong le e mong o ne a tshwere harepa le lefiswana la kgauta le tletseng mokubetso, oo e leng dithapelo tsa bahalaledi.
9Ba ne ba bina sefela se setjha, ba re:
“Ho a o lokela ho nka buka
le ho kgomarolla
dibitielo tsa yona,
hobane o ile wa hlajwa,
mme ka madi a hao
wa lopollela Modimo
batho ba meloko yohle,
le ba dipuo tsohle,
le ba ditjhaba tsohle,
le ba mefuta yohle.
10O ba entse mmuso le baprista
ba tla sebeletsa Modimo wa rona,
mme ba buse lefatshe.”
11Ka tadima hape, mme ka utlwa mantswe a mangeloi a mangata, a potapotileng terone, le dibopuwa tse phelang, le baholo. Palo ya wona e ne e le dikete tsa diketekete. 12A ne a bua ka mantswe a phahameng, a re:
“Konyana e hlabilweng e lokela ho amohela borena, le borui, le bohlale, le matla, le hlompho, le tlotla, le thoriso.”
13Le dibopuwa tsohle tse lehodimong, le tse lefatsheng, le tse botebong ba lefatshe, le tse lewatleng, tsohle tse ho tsona ka di utlwa di re:
“Ho ya dutseng teroneng le ho Konyana e be thoriso, le hlompho, le tlotla, le matla, kamehla le mehla.”
14Yaba dibopuwa tse nne tse phelang di re: “A ho be jwalo!” Le baholo ba itihela fatshe, ba mo kgumamela.

Currently Selected:

TSHENOLO 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy