YouVersion Logo
Search Icon

TSHENOLO 4

4
Tshebeletso ya lehodimo
1Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona monyako o butsweng lehodimong. Lentswe lane la pele, le neng le bua le nna, le ka modumo wa terompeta, ka utlwa le re: “Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tshwanetseng ho etsahala kamorao ho tsena.” 2Hanghang ka tlalwa ke Moya wa Modimo. Lehodimong ho ne ho beilwe terone, mme e mong a dutse hodima yona. 3Ya dutseng teroneng o ne a bonahala a phatsima jwaloka lehakwe la jasepere le la kareneleane, mme mookodi o neng o potapotile terone o ne o bonahala o ka lehakwe la emeraleda. 4Terone e ne e potapotilwe ke diterone tse mashome a mabedi a metso e mene, mme diteroneng tseo ho ne ho dutse baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba apereng diaparo tse tshweu, ba rwetseng mefapahlooho ya kgauta dihloohong. 5Mahadima, le melumo, le letolo, di ne di betseha teroneng. Mabone a supileng a ne a tuka kapele ho terone: Ke meya e supileng ya Modimo. 6Kapele ho terone ho ne ho ka lewatle le kang kgalase, le benyang jwaloka lehakwe.
Bohareng ba terone, le ho e potapota, ho ne ho ena le dibopuwa tse nne tse phelang. Di ne di ena le mahlo a mangatangata kapele le kamorao. 7Sebopuwa se phelang sa pele, se ne se tshwana le tau. Sebopuwa se phelang sa bobedi, se ne se tshwana le pohwana. Sebopuwa se phelang sa boraro, se ne se ena le sefahleho se kang sa motho. Sebopuwa se phelang sa bone, se ne se tshwana le ntsu e fofang. 8Se seng le se seng sa dibopuwa tseo tse nne tse phelang, se ne se ena le mapheo a tsheletseng, mme kantle le kahare ho wona ho ena le mahlo a mangatangata. Bosiu le motsheare di ne di sa kgaotse ho re:
“O a halalela, o a halalela,
o a halalela,
Morena Modimo ya matla wohle,
ya bileng teng, ya leng teng,
ya tlang ho tla.”
9Ha dibopuwa tse phelang di isa tlotla, le hlompho, le teboho, ho ya dutseng teroneng, ho ya phelang kamehla le mehla, 10baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba itihela fatshe kapele ho ya dutseng teroneng, ba kgumamela ya phelang kamehla le mehla, mme ba akgela mefapahlooho ya bona kapele ho terone, ba ntse ba re:
11“Ho a o lokela, wena Morena
le Modimo wa rona,
ho amohela tlotla,
le hlompho, le matla,
hobane ke wena
ya hlodileng dintho tsohle,
ke ka thato ya hao di leng teng,
di hlodilweng.”

Currently Selected:

TSHENOLO 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy