YouVersion Logo
Search Icon

TSHENOLO 16

16
Mafiswana a supileng a tletseng kgalefo ya Modimo
1Jwale ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang tempeleng le re ho mangeloi a supileng: “Tsamayang, le yo qhalla lefatsheng mafiswana a supileng, a tletseng kgalefo ya Modimo.”
2La pele la tloha, la qhalla lefiswana la lona lefatsheng, mme diso tse mpempe tsa bereha batho ba nang le letshwao la sebatana, ba kgumamelang setshwantsho sa sona.
3Lengeloi la bobedi la qhalla lefiswana la lona lewatleng, mme lewatle la fetoha madi a kang a motho ya qetang ho shwa. Yaba dintho tsohle tse phelang lewatleng di a shwa.
4Lengeloi la boraro la qhalla lefiswana la lona dinokeng le didibeng, mme metsi a tsona a fetoha madi. 5Ka utlwa lengeloi le laolang metsi le re:
“Wena ya leng teng,
ya bileng teng,
Ya Halalelang, o Ya Lokileng,
hobane o ahlotse tjena.
6Ba tsholotseng madi
a bahalaledi le a baporofeta,
o ba nwesitse madi;
hona ho ba loketse.”
7Jwale ka utlwa aletare e re:
“E, Morena Modimo
ya matla wohle,
dikahlolo tsa hao
ke tsa nnete, di lokile.”
8Lengeloi la bone la qhalla lefiswana la lona hodima letsatsi, mme letsatsi la dumellwa ho tjhesa batho ka lebatama. 9Batho ba tjheswa ke lebatama le leholo, mme ba nyefola lebitso la Modimo ya nang le matla hodima dikotlo tsena, empa ha ba a ka ba baka, hore ba tle ba mo tlotlise.
10Lengeloi la bohlano la qhalla lefiswana la lona hodima terone ya sebatana, mme mmuso wa sona wa fifala; batho ba itoma maleme ke ho hlokofatswa. 11Ba nyefola Modimo wa lehodimo ka baka la mahloko le diso tsa bona, empa ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona.
12Lengeloi la botshelela la qhalla lefiswana la lona hodima noka e kgolo ya Euferatese. Metsi a yona a epsha, hore dikgosi tse tswang botjhabela di lokisetswe tsela. 13Ka molomong wa kganyapa, le ka molomong wa sebatana, le ka molomong wa moporofeta wa bohata, ka bona ho etswa meya e meraro, e ditshila, e kang dihohwana. 14Meya ena ke bademona ba etsang mehlolo, ba yang ho bokella dikgosi tsa lefatshe lohle, ho tla ntweng ya letsatsi le leholo la Modimo ya matla wohle.
15“Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya fadimehang, ya sa hloboleng diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme batho ba bona tse dihlong tsa hae.”
16Yaba dikgosi di bokellwa sebakeng se bitswang Haremagedone ka Seheberu.
17Lengeloi la bosupa la qhalla lefiswana la lona moyeng, mme lentswe le phahameng, le tswang teroneng e ka tempeleng, la re: “Ho phethahetse.” 18Ha eba le mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe. Tshisinyeho e kgolo hakaalo e ne e eso ka e eba teng haesale batho ba eba teng lefatsheng. 19Motse o moholo wa aroha dikoto tse tharo, mme metse ya baditjhaba ya wa. Modimo a hopola Babilona e kgolo, a e nwesa senwelo sa jwala ba kgalefo ya hae e tukang. 20Dihlekehleke tsohle tsa baleha; le dithaba ha di a ka tsa hlola di eba teng. 21Yaba sefako se dinaka, se boima ba dikilo tse mashome a mahlano, se theoha hodimo, se ruthutha batho. Batho ba nyefola Modimo ka baka la kotlo ya sefako, hobane kotlo eo e ne e le kgolo ka ho fetisisa.

Currently Selected:

TSHENOLO 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy